Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

O Tseba “Lipelo Tsa Bara ba Moloko oa Batho”

O Tseba “Lipelo Tsa Bara ba Moloko oa Batho”

Atamela ho Molimo

O Tseba “Lipelo Tsa Bara ba Moloko oa Batho”

2 LIKRONIKE 6:29, 30

KE MANG ho rōna ea e-s’o ka a ikutloa a imetsoe ke mathata a bophelo? Ka linako tse ling ho ka bonahala eka ha ho ea ka utloisisang ka ho feletseng mathata ao re tobaneng le ’ona kapa bohloko bo tebileng boo re bo utloang. Empa ho na le ea utloisisang tsela eo re ikutloang ka eona hantle—Jehova Molimo. Mantsoe a Solomone a lengolong la 2 Likronike 6:29, 30 a tla re khothatsa haholo.

Solomone o ile a rapela ha ho neheloa tempele e Jerusalema ka 1026 B.C.E. Thapelong ena ea hae eo e ka ’nang eaba e nkile metsotso e leshome, Solomone o ile a rorisa Jehova ka ho ba Molimo ea tšepahalang, Ea Phethahatsang litšepiso le Ea Utloang thapelo.—1 Marena 8:23-53; 2 Likronike 6:14-42.

Solomone o ile a kōpa Molimo ka tieo hore a utloe likōpo tsa barapeli ba hae. (Temana ea 29) Le hoja Solomone a buile ka lintho tse ngata tse utloisang bohloko (temana ea 28), o ne a hlokomela hore morapeli e mong le e mong o tseba “lefu la hae” ebile o utloa “bohloko ba hae.” Motho e mong a ka ’na a utloisoa bohloko ke ntho e itseng, athe e mong eena o utloile bohloko ka lebaka la ho hong ho fapaneng.

Leha ho le joalo, ba tšabang Molimo ha baa lokela ho jara mathata a bona ba le bang. Thapelong ea hae, Solomone o ne a nahanne ka barapeli ba ka ’nang ba tlameha ho ‘otlolla liatla’ e le ho rapela Jehova ka tieo. * Mohlomong Solomone o ne a hopola ha ntate oa hae, Davida, a ne a tšoenyehile haholo ’me a re: “Lahlela moroalo oa hao ho Jehova.”—Pesaleme ea 55:4, 22.

Jehova o tla arabela joang ba kōpang thuso ka tieo? Solomone o ile a kōpa Jehova: “E se eka u ka utloa u le maholimong, sebaka sa bolulo ba hao, ’me u tšoarele ’me u fe e mong le e mong ho ea ka litsela tsohle tsa hae.” (Temana ea 30) Solomone o ne a tseba hore “Ea Utloang thapelo” o tsotella barapeli ba hae ka bomong, eseng feela ha e le sehlopha. (Pesaleme ea 65:2) Jehova o fana ka thuso e hlokahalang, e akarelletsang ho tšoarela moetsalibe ea khutlelang ho eena ka pelo eohle.—2 Likronike 6:36-39.

Ke hobane’ng ha Solomone a ne a kholisehile hore Jehova o tla araba likōpo tsa morapeli oa hae ea bakileng? Ha a ntse a tsoela pele ho rapela, Solomone o ile a re: “Hobane u tseba pelo ea hae (etsoe ke uena feela ea tsebang lipelo tsa bara ba moloko oa batho hantle).” Jehova o tseba lefu le bohloko boo morapeli e mong le e mong oa hae ea tšepahalang a bo jereng, ’me o ela hloko matšoenyeho a hae.—Pesaleme ea 37:4.

Thapelo ena ea Solomone e khothatsa haholo. Batho ba ka ’na ba se ke ba utloisisa hantle tsela eo re ikutloang ka eona—“lefu” la rōna le “bohloko” ba rōna. (Liproverbia 14:10) Empa Jehova o tseba lipelo tsa rōna ’me o re tsotella e le kannete. Re ka imoloha haholo ha re tšollela lipelo tsa rōna ho eena ka thapelo. Bibele e re: ‘Lahlelang matšoenyeho ’ohle a lōna ho eena, hobane oa le tsotella.’—1 Petrose 5:7.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 7 Mehleng ea Bibele, ho “otlolla liatla,” ke hore, ho phahamisa matsoho liatla li shebile holimo, e ne e le pontšo ea hore motho oa rapela.—2 Likronike 6:13.