Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Kaha pula e nka nako e telele e sa ne Iseraele, baahi ba mehleng ea boholo-holo ba ne ba etsa joang hore ba lule ba e-na le metsi ao ba a hlokang?

Iseraele pula e na pakeng tsa October le April ’me ka linako tse ling metsi a etsa linōka tse phallang ka matla likhohlong. Leha ho le joalo, hlabula tse ngata tsa “linōka” tsena lia psha ’me ho ka ’na ha feta likhoeli tse ngata pula e sa ne. Batho ba mehleng ea Bibele ba ne ba etsa joang hore ba lule ba e-na le metsi a lekaneng ka linako tsohle?

Ba ne ba rarolla qaka ena ka ho cheka likotopo lithabeng e le hore metsi a lipula tsa mariha a lebe mekoting e chekiloeng ka tlas’a lefatše kapa matangoaneng a sirelelitsoeng a khakeletsang metsi. Marulelo a ne a tšekalatsoa e le hore metsi a lebe matangoaneng ana. Malapa a mangata a ne a ichekela matangoana a ’ona, moo a neng a kha metsi a tla nooa.—2 Marena 18:31; Jeremia 6:7.

Baiseraele ba ne ba boetse ba sebelisa liliba tsa tlhaho. Lihlabeng, ha lipula tsa mariha li na, metsi a ngobela ho fihlela a thijoa ke matlapa ebe a phalla ka holim’a ’ona ho fihlela a etsa liliba. Hangata metse e ne e ahoa pel’a liliba tsa tlhaho (ka Seheberu seliba ke ene) ’me ke kahoo ho nang le metse e bitsoang Ene-shemeshe, Ene-rogele le Ene-gedi. (Joshua 15:7, 62) Jerusalema teng ho ne ho phuntsoe lefika eaba ho etsoa kotopo e tsamaisang metsi a tsoang mohloling ho a isa motseng.—2 Marena 20:20.

Moo ho neng ho se na liliba tsa tlhaho, ba ne ba etsa liliba tse chekiloeng (e leng beʼerʹ, ka Seheberu), joaloka seliba sa Beerseba, se neng se chekiloe hore ho fumanoe metsi a tsoang ka tlas’a lefatše. (Genese 26:32, 33) Sengoli se bitsoang André Chouraqui, se re “mekhoa e bohlale eo [Baiseraele] ba neng ba rarolla bothata boo ka eona e ntse e hlolla le kajeno.”

E ka ’na eaba Abrame (Abrahama) o ne a lula ntlong ea mofuta ofe?

Abrame le mosali oa hae ba ne ba lula motseng o ruileng oa Bakalde o bitsoang Ure. Empa Molimo o ile a ba laela hore ba tlohe motseng oo eaba ba lula litenteng. (Genese 11:31; 13:12) Hlokomela hore na ho ne ho hlokahala boitelo bo bokaakang hore ba etse joalo.

Leonard Woolley o ile a epolla lintho tsa khale Ure, eo e leng sebaka se Iraq kajeno, pakeng tsa 1922 le 1934. E meng ea mehaho eo a ileng a e sibolla e ne e le matlo a 73 a hahiloeng ka setene. Likamore tse ngata tsa matlo ana li ne li hahiloe ho potoloha lebala le katiloeng ka majoe. Lebala leo le ne le tšekaletse hantle ho elella bohareng e le hore ha ho qhaloa metsi a litšila a lebe liforong. Matlong a maholo teng, likamore tsa baeti li ne li e-na le matloana a tsona. Likamore tse ling tse neng li le mekatong e ka tlaase e ne e le likichine tse nang le maifo le likamore tseo makhoba a robalang ho tsona. Ba lelapa ba ne ba lula mokatong o ka holimo ’me ho ne ho sebelisoa litepisi ho ea ho oona. Litepisi tseo li ne li nyolohela foranteng ea mapolanka e neng e shebile ka lebaleng ’me ho ne ho tsamauoa ho eona ha ho kenoa likamoreng tse ka holimo.

Woolley o re: “Ntlo . . . , e nang le lebala le katiloeng ka majoe eo mabota a eona a pentiloeng ka makhethe ka bosoeu, e nang le mokhoa oa ho tsamaisa metsi a litšila, . . . e nang le likamore tse 12 kapa ho feta, e bontša hore mokhoa oa bophelo o ne o phahame haholo. Matlo ana e ne e mpa e le . . . a batho ba maemo a bohareng, bo-ramabenkele, bahoebi ba tlaasana, bangoli le batho ba bang ba mofuta oo.”

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Letangoana le chekiloeng la Horvot Mezada, Iseraele

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Masada National Park, Israel Nature and Parks Authority

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Setšoantšo sa ntlo ea mehleng ea Abrahama

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Drawing: A. S. Whitburn