Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Boprofeta ba 1. Litšisinyeho Tsa Lefatše

Boprofeta ba 1. Litšisinyeho Tsa Lefatše

Boprofeta ba 1. Litšisinyeho Tsa Lefatše

“Ho tla ba le litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše.”—LUKA 21:11.

● Winnie ea nang le selemo le likhoeli tse ’nè o ile a ntšoa tlas’a maloanlahla Haiti. Baqolotsi ba litaba tsa thelevishene ba neng ba tlaleha koluoa eo ke bona ba ileng ba utloa ha a ntse a bobola. Le hoja eena a pholohile, ha ho joalo ka batsoali ba hae.

BOEMO BA LITABA BO BONTŠA ENG? Ha tšisinyeho ea lefatše e boholo ba 7,0 sekaleng sa Richter e e-ba teng Haiti ka January 2010, ho hakanngoa hore ho ile ha shoa batho ba fetang 300-000. Ba ka bang limilione tse 1,3 bona ba ile ba hloka mahae ka ho panya ha leihlo. Le hoja tšisinyeho ena ea Haiti e bile e khōlō haholo, hase ketsahalo e bang teng seoelo. Bonyane ho bile le litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše tse 18 lefatšeng ka bophara pakeng tsa April 2009 le April 2010.

KA TLOAELO HO THOE’NG HO HANYETSA SEE? Hase hore litšisinyeho tsa lefatše li eketsehile; ke feela hore kajeno theknoloji e tsoetse pele joale re khona ho li elelloa ho feta batho ba mehleng ea khale.

NA LEBAKA LEO LEA UTLOAHALA? Ak’u nahane ka ntlha ena: Bibele ha e bue ka palo ea litšisinyeho tse tla ba teng matsatsing a ho qetela. Ho e-na le hoo, e re ho tla ba le “litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše . . . sebakeng se seng ka mor’a se seng,” e leng ntho e tla etsa hore e be e ’ngoe ea lintho tse hlaheletseng mehleng ena ea liketsahalo tsa bohlokoa.—Mareka 13:8; Luka 21:11.

U NAHANA’NG? Na re bona ho etsahala litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše joalokaha Bibele e boletse?

Litšisinyeho tsa lefatše hase tsona feela tseo e ka bang bopaki bo kholisang ba hore re phela matsatsing a ho qetela. Empa ke bo bong ba boprofeta bo phethahalang. Hlahloba ba bobeli.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]

“Rōna [litsebi tsa fisiks ea lefatše] re re ke litšisinyeho tsa lefatše tse khōlō. Batho ka kakaretso bona ba re ke likoluoa.”—KEN HUDNUT, OA SETSI SA LIPATLISISO TSA JIOLOJI, UNITED STATES.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 4]

© William Daniels/Panos Pictures