Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Boprofeta ba 3. Mafu

Boprofeta ba 3. Mafu

Boprofeta ba 3. Mafu

“Batho ba tla . . . tšoaroa ke mafu a tšabehang.”—LUKA 21:11, Contemporary English Version.

● Bonzali ea sebetsang lefapheng la bophelo bo botle ba sechaba naheng e ’ngoe ea Afrika e tsekolotsoeng ke ntoa ea lehae, o etsa sohle seo a ka se khonang ho thusa basebetsi ba morafong o toropong ea habo, ba qetoang ke vaerase ea Marburg. * O ’nile a kōpa thuso ho ba boholong toropong e khōlō empa ha aa e fumana. Qetellong ka mor’a likhoeli tse ’nè, thuso ea fihla, empa e fumana Bonzali a se a hlokahetse. O ile a tšoaetsoa lefu leo la Marburg ha a ntse a leka ho thusa basebetsi ba morafong ba neng ba tšoeroe ke lona.

BOEMO BA LITABA BO BONTŠA ENG? Mafu a tšoaetso ea matšoafo (a kang nyumonia), letšollo, HIV/AIDS, lefuba le malaria ke a mang a mafu a bolaeang batho ba bangata lefatšeng. Lilemong tsa morao tjena, mafu ana a mahlano a ’nile a bolaea batho ba hakanyetsoang ho limilione tse 10,7, ho bolelang hore a ’nile a bolaea motho a le mong hoo e ka bang metsotsoana e meng le e meng e meraro, selemo ho pota.

KA TLOAELO HO THOE’NG HO HANYETSA SEE? Palo ea baahi ba lefatše e lula e eketseha, ka hona ho hlakile hore mafu le ’ona a tla eketseha. Ho se ho e-na le batho ba bangata haholo ba ka tšoaroang ke mafu ana.

NA LEBAKA LEO LEA UTLOAHALA? Palo ea baahi ba lefatše e eketsehile haholo. Empa ho joalo le ka tsebo eo batho ba seng ba e-na le eona ea ho fumana hore na motho o tšoeroe ke eng, ho laola mafu le ho a phekola. Ka hona, na mafu a tšoarang batho a ne a sa lokela ho fokotseha? ’Nete ke hore ho etsahala se fapaneng le seo.

U NAHANA’NG? Na batho ba tšoeroe ke mafu a tšabehang, joalokaha Bibele e ile ea profeta?

Litšisinyeho tsa lefatše, tlala ea boja-likata le mafu ke tse ling tsa lintho tse bolaeang batho tse sa etsoeng ke motho ka ho toba. Batho ba bang ba limilione ba hlokofatsoa ke batho ba bang—’me bongata ba hlokofatsoa ke batho ba neng ba lokela ho ba sireletsa. Hlokomela hore na boprofeta ba Bibele bo re ho tla etsahala’ng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 3 Feberu ea Marburg Hemorrhagic e bakoa ke vaerase e amanang le lefu la Ebola.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

“Ke ntho e tšabehang ha motho a jeoa ke tau kapa ke ntho e ’ngoe, empa ho ntse ho le hobe ka tsela e tšoanang le ha motho a jeoa ke lefu le itseng ka hare a bile a bona seo se etsahala le ho ba mo potolohileng.”—MICHAEL OSTERHOLM, EA ETSANG LIPATLISISO KA MAFU.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 6]

© William Daniels/Panos Pictures