Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho ba Mofutsana-futse ke Ntho e Joang?

Ho ba Mofutsana-futse ke Ntho e Joang?

Ho ba Mofutsana-futse ke Ntho e Joang?

BOFUTSANA bo feteletseng bo beha bophelo kotsing. Ha motho a le bofutsaneng bo joalo ke ha a se na lijo tse lekaneng, metsi, libeso, bolulo bo boemong bo botle, tlhokomelo e ntle ea bophelo hammoho le thuto. Boemo bona bo ama batho ba bilione e le ’ngoe lefatšeng ka bophara, e leng ba ka lekanang le baahi bohle ba Linaha Tsa Amerika. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba libakeng tse kang Europe Bophirimela le Amerika Leboea ho hang ha ba tsebe hore na bofutsana-futse ke ntho e joang. Ka hona a re ke re utloe ka ba bang hore na ke ntho e joang.

Mbarushimana o lula Rwanda, Afrika, le mosali oa hae le bana ba bona ba bahlano. Ngoana oa bona oa botšelela o ile a bolaoa ke malaria. O re: “Ntate oa ka o ile a re arolela setša sa hae kaofela re le bana ba tšeletseng. Koatipa eo ke neng ke e fumane e ne e le nyenyane hoo ke ileng ka tlameha ho fallisetsa lelapa la ka toropong. ’Na le mosali oa ka re sebetsa moo ho jaroang mekotla ea majoe le ea lehlabathe. Ntlo eo re lulang ho eona ha e na lifensetere. Re kha metsi selibeng se mapoleseng. Hangata re ja hanngoe feela ka letsatsi, empa nakong eo mosebetsi o leng sieo re qeta letsatsi lohle re se na seo re ka se jang. Ha ho etsahala seo ke ea tsamaea, kaha ke sitoa ho mamella ho bona ha bana ba llela lijo.”

Victor le Carmen ba rōka lieta. Ba phela mahaeng a Bolivia le bana ba bona ba bahlano. Ba hirile ntlo ea serutha e ruletsoeng ka masenke a nelang e bileng e se nang le motlakase. Sekolo sa moo se na le bana ba bangata hoo Victor a ileng a tlameha ho etsetsa morali oa hae deske e le hore a tsebe ho ea sekolong. Banyalani bana ba tsamaea lik’hilomithara tse leshome kaofela ho ea roalla patsi eo ka eona ba tla pheha lijo le ho belisa metsi a nooang. Carmen o re: “Ha re na matloana. Kahoo re ea ka nōkeng, eo hape ho hlapeloang ho eona ho bileng ho qhalloang litšila ho eona. Hangata bana baa kula.”

Francisco le Ilídia ba lula mahaeng a Mozambique. Ba setse ka bana ba bane; e mong o ile a bolaoa ke malaria ka mor’a hore sepetlele se hane ho mo amohela. Banyalani bana ba lema raese le lipatata tšimong ea bona e nyenyane e le hore ba be le lijo tse ka ba qhobang likhoeli tse tharo. Francisco o re: “Ka linako tse ling pula ha e ne kapa masholu a utsoa lijalo, ka hona ke ee ke batle cheletana ka ho rema liqala le ho li rekisetsa batho ba hahang. Re boetse re roalla patsi morung o bohōle ba ho tsamaea lihora tse peli. Mosali oa ka o nka ngata ea hae le ’na ke nka ea ka, e ’ngoe ke ea ho pheha beke kaofela, ha e ’ngoe re e rekisa.”

Batho ba bangata ba nka hore ho na le ntho e hlileng e sa tsamaeeng hantle kapa ho na le ho hloka toka lefatšeng lena leo ho lona, bathong ba bang le ba bang ba supileng, a le mong a phelang joaloka Mbarushimana, Victor le Francisco, ha ba libilione bona ba phela ba iketlile ba hlaba khobe ka lemao. Ba bang ba ’nile ba leka ho nkela boemo bona bohato. Lihlooho tse latelang li tšohla seo ba ’nileng ba se etsa le tšepo eo ba neng ba e-na le eona.

[Setšoantšo se maqepheng a 2, 3]

Carmen le bana ba hae ba babeli ba kha metsi nōkeng