Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Bana ba Lokela ho Tseba ka Molimo?

Na Bana ba Lokela ho Tseba ka Molimo?

Na Bana ba Lokela ho Tseba ka Molimo?

“Boholo ba lithuto tseo bolumeli bo li rutang ke tse etsang hore re hloeane ho e-na le ho etsa hore re ratane.”—JONATHAN SWIFT EO E LENG SENGOLI SA LENYESEMANE.

SWIFT o ile a bua sena lekholong la bo18 la lilemo, empa le kajeno ba bangata ba ntse ba ka lumellana le eena. Ha e le hantle, ba bang ba lumela hore batsoali ha baa lokela ho ruta bana ba bona ka Molimo. Ba nahana hore bana ba hōlisetsoang bolumeling ba tingoa menyetla e itseng.

Uena u nahana joang? Lipolelong tsee ke efe eo u utloang e utloahala haholo?

● Batsoali ha baa lokela ho lumelloa ho ruta bana ba bona ka Molimo.

● Batsoali ba lokela ho qala ho ruta bana ba bona ka Molimo ha ba se ba hōlile.

● Batsoali ba lokela ho ruta bana ba bona seo ba se lumelang ka Molimo ha ba sa le banyenyane. Empa ha bana ba ntse ba hōla, batsoali ba lokela ho ba khothalletsa hore ba itlhahlobele taba eo ka bo bona.

● Bana ba lokela ho latela tumelo ea batsoali ba bona ka Molimo ntle le ho botsa lipotso.

Na Bolumeli bo Kotsi ho Bana?

Ha ho motsoali ea lerato ea batlang ho ntša ngoana oa hae kotsi. Empa na ho na le mabaka a tšehetsang batho ba lumelang hore bana ha baa lokela ho rutoa ka Molimo? Ho se ho fetile lilemo tse mashome joale bafuputsi ba batlisisa hore na tumelo ea batsoali e ama bana joang. Ba fumane’ng?

Bafuputsi ba fumane hore bolumeli ha bo kotsi ho bana, ho e-na le hoo bo ba tsoela molemo ha ba ntse ba hōla. Ka 2008, tlaleho e ileng ea phatlalatsoa ke koranta ea Social Science Research, * e ile ea re: “Bolumeli bo bonahetse bo thusa hore ntate le ’mè ba be le kamano e haufi le ngoana oa bona.” Tlaleho ena e boetse e re: “Ho bonahala bolumeli le kamano e ntle le Molimo li phetha karolo ea bohlokoa haholo bophelong ba bana ’me li le bohlokoa haholo tšebelisanong ea bona le ba malapa a bo bona.” Hlokomela kamoo sena se tsamaisanang kateng le seo Jesu Kreste a se buileng ha a re: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.”—Matheu 5:3.

Joale ho thoe’ng ka taba ea hore bana ba lokela ho rutoa ka Molimo le bolumeli ba se ba hōlile? Maikutlo ao a hlokomoloha taba ena: Kelello ea ngoana e tšoana le nkho e se nang letho e emetseng ho tlatsoa ka ho hong. Ka sebele batsoali ba tobane le khetho; ba ka tlatsa “nkho” eo lapeng ka melao ea bohlokoa ea boitšoaro le lithuto tseo ba nahanang hore li nepahetse, kapa ba ka tlohella likelello le lipelo tsa bana ba bona hore li tlale ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e fumanang ho batho feela ka ntle.

Ntho ea Bohlokoa e ka Etsoang ke Efe?

Histori e bontša hore batho ba ka sebelisa bolumeli ho khothalletsa khethollo kapa lehloeo. Ka hona, batsoali ba ka phema phello e boletsoeng ke Jonathan Swift joang? Ba ka ruta bana ba bona lintho tse tla ba thusa hore ba rate batho ba bang joang?

Ntho ea bohlokoa ke hore ho fumanoe likarabo tsa lipotso tsena tse tharo: (1) Ke eng eo bana ba lokelang ho e rutoa? (2) Ke mang ea lokela ho ba ruta? (3) Ke mekhoa efe ea ho ruta e ka atlehang?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 11 Boitsebiso bona bo thehiloe phuputsong e entsoeng baneng ba United States ba ka holimo ho 21 000, haesita le batsoaling ba bona le matichereng a bona.