Re U Lome Tsebe?
Re U Lome Tsebe?
Jesu o ne a bolela’ng ha a ne a re ho Saule: “Ho ’na u raha litsenene ho thatafaletsa uena”?—Liketso 26:14.
▪ Mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, lihoai li ne li sebelisa litsenene ho tataisa liphoofolo tsa tsona ha li ntse li lema. Tsenene e ne e le thupa e ka bang bolelele ba limithara tse peli le halofo. Ntlheng e ’ngoe ea thupa ho ne ho kenngoa tšepe e motsu. Haeba phoofolo e ne e ka thetsa tsenene eo, e ne e tla e hlaba. Ntlheng e ’ngoe ho ne ho kenngoa lehare le kang chesele le neng le sebelisoa ho tlosa litšila, letsopa kapa litlamatlama mohomeng.
Ka linako tse ling litsenene li ne li sebelisoa e le libetsa. Shamgare, moahloli oa Moiseraele eo e neng ebile e le mohlabani, o ile a bolaea Bafilista ba 600 “ka tsenene ea likhomo.”—Baahloli 3:31.
Mangolo a boetse a bua ka sesebelisoa sena ka tsela ea mokhabo-puo. Ka mohlala, Morena Solomone o ile a ngola hore mantsoe a motho ea bohlale a ka tšoana le “litsenene tsa likhomo,” a tataisa motho hore a etse qeto e nepahetseng.—Moeklesia 12:11.
Jesu ea tsositsoeng bafung o ile a sebelisa mokhabo-puo o tšoanang le oo. O ile a eletsa Saule, mohlorisi oa Bakreste, hore a tlohele ho “raha litsenene.” Mantsoe ao a etsa hore re nahane ka phoofolo e manganga e hanang ha mong’a eona a e tataisa ka tsenene. Saule o ile a ba bohlale eaba o mamela keletso ea Jesu ’me a fetola bophelo ba hae, eaba e ba moapostola Pauluse.
Bajuda ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba tseba nako joang ha e le bosiu?
▪ Bajuda ba lekholong la pele la lilemo C.E. ba ne ba ka tseba hore na nako ke mang ka ho sheba tšupa-nako e sebetsang ka moriti ha leholimo le hlakile. Leha ho le joalo, ha maru a ne a thibile kapa e le bosiu, ba ne ba sebelisa tšupa-nako e sebetsang ka metsi. Ntle le Bajuda, Baegepeta ba boholo-holo, Bapersia, Bagerike le Baroma le bona ba ne ba sebelisa tšupa-nako eo.
Ho latela The Jewish Encyclopedia, Mishna le Talmud li bitsa tšupa-nako e sebetsang ka metsi “ka mabitso a sa tšoaneng, mohlomong e le ho hlalohanya mefuta ea tsona le meetso ea tsona e sa tšoaneng, leha ho le joalo, kaofela ha tsona li bua ka ntho e le ’ngoe; metsi a tsoang butle—kapa ka ho toba, ho a utsoa—lerotholi ka lerotholi, e leng sona se boleloang ke lentsoe la Segerike ‘clepsydra’ [tšupa-nako e sebetsang ka metsi].”
Tšupa-nako eo e ne e sebetsa joang? Metsi a ne a tsoa ka lebekereng le leng ebe a rothela ka ho le leng ka lesoba le lenyenyane le neng le phuntsoe ka tlaase. Motho o ne a ka bona hore na ke nako mang ka ho sheba hore na metsi a makae lebekereng le ka tlaase kapa le ka holimo ’me mabekere ao ka bobeli a ne a ka ba le matšoao a bontšang hore na nako ke mang ha metsi a le makae.
Masole a Baroma likampong a ne a sebelisa tšupa-nako ea mofuta oo ho tseba hore na ke mokhahlelo oa bokae oa ho lebela bosiu. Ha ho fetoloa mokhahlelo oa ho lebela ho ne ho letsoa terompeta. Motho ea neng a le moo a ka utloang terompeta o ne a ka tseba ha mokhahlelo ka mong oa e mene ea ho lebela bosiu o fela kapa o qala.—Mareka 13:35.