Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Phela ka Melao ea Bibele?

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Phela ka Melao ea Bibele?

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Phela ka Melao ea Bibele?

NA SEO Bibele e se bolelang ka ho kopanela liphate se siuoe ke nako ebile se tima batho bolokolohi? Che. Ho e-na le hoo, seo Bibele e se bolelang ka ho kopanela liphate se ka re thusa hore re qobe:

Mafu a likobo

Ho ima bana ba matšeo

Liphello tse bohloko tsa ho qhalana ha lenyalo

Letsoalo le molato

Ho ikutloa re sa hloeka ka hore ebe re lumeletse ba bang hore ba re sebelise hampe

’Mōpi oa rōna, e leng Jehova Molimo, * o batla hore re thabele ho sebelisa limpho tsa hae re be re rue molemo ho tsona. Molimo ke eena “Ea u rutang hore u itsoele molemo.” (Esaia 48:17) Motho ea latelang tataiso ea Bibele malebana le ho kopanela liphate o ba le:

Kamano e ntle le Molimo

Khotso ea kelello

Kamano e matla le ba lelapa la hae

Botumo bo botle

Boitlhompho

Joale ho thoe’ng haeba hona joale u sa phele ho latela melao ea Bibele ea boitšoaro? Na u ka khona ho fetola tsela eo u phelang ka eona? Na Molimo o tla lula a tšoareletse tseleng eo u neng u itšoere ka eona pele?

Ak’u nahane ka sena: Litho tse ling tsa phutheho ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo e ne e kile ea e-ba lihlola, bafebi le ba neng ba ratana le batho ba bong bo tšoanang le ba bona. Empa batho bao ba ile ba khetha ho fetola tsela eo ba phelang ka eona, eaba ba rua melemo e meholo. (1 Bakorinthe 6:9-11) Kajeno ho na le ba likete lefatšeng kaofela ba entseng khetho e tšoanang le eo. Ba furaletse bophelo ba boitšoaro bo bobe boo ba neng ba bo phela ’me ba fumane melemo ea ho itšoara ka tsela e lumellanang le melao ea Bibele. Ka mohlala, hlokomela se ileng sa etsahalla Sarah ea boletsoeng sehloohong sa selelekela.

“Ke Ile ka Utloa ke Imolohile Hang-hang”

Sarah o ile a hlokomela hore ho iphelela borata ho ne ho sa mo tlisetse tokoloho le khotsofalo tseo a neng a nahana hore o tla li fumana. O re: “Letsoalo la ka le ne le lula le ntšetšetha. Ke ne ke itšoabela ke bile ke lula ke tšohile hore ke se ke ka ima kapa ka tšoaroa ke mafu a litšila. Ke ne ke ntse ke lumela hore Molimo eena o teng ’me ke ne ke tseba hore tsela eo ke phelang ka eona e mo utloisa bohloko. Ke ne ke ikutloa ke sa hloeka, ’me seo se ne se ntja.”

Qetellong, Sarah o ile a fumana matla a hore a fetole tsela eo a phelang ka eona. O ile a kōpa thuso ho batsoali ba hae, bao e leng Lipaki Tsa Jehova. Hape o ile a kōpa thuso ho baholo ba tšoanelehang ba Bakreste phuthehong ea habo. Sarah o re: “Ke ile ka hlolloa haholo ke mosa le lerato leo ke ileng ka le bontšoa ke batsoali ba ka hammoho le baholo ba phutheho. Ke ile ka utloa ke imolohile hang-hang.”

Hona joale Sarah o hōlisa bana ba hae ba babeli. O re: “Ke bolella bana ba ka ke sa pate letho ka liphoso tseo ke ileng ka li etsa. Ke batla hore ba hlakeloe hore na ho se mamele melao ea Molimo ho ile ha nkama joang. Takatso ea ka e khōlō ke hore ke ba thuse hore ba ananele melemo eo ba ka e fumanang ’meleng, kelellong le maikutlong haeba ba latela molao oa Molimo tabeng ea ho kopanela liphate. Ke kholisehile hore Molimo o re behetse melao ea boitšoaro hobane a sa batle hore re utloe bohloko.”

Le uena u ka fumana melemo ea ho latela tataiso e lerato ea Molimo. Bibele e fana ka tšepiso ena: “Litaelo tse tsoang ho Jehova li lokile, li thabisa pelo; taelo ea Jehova e hloekile, e etsa hore mahlo a khanye. . . . Ho li boloka ho na le moputso o moholo.”—Pesaleme ea 19:8, 11. *

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 8 Jehova ke lebitso la Molimo le boletsoeng ka Bibeleng.

^ ser. 20 Haeba u batla ho tseba ho eketsehileng ka keletso e bohlale ea Bibele, lokoloha ho ikopanya le Lipaki Tsa Jehova tse sebakeng sa heno. Kapa u ka ’na ua ngolla atereseng e nepahetseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 4 kapa ua etela Websaeteng ea rōna ea www.watchtower.org.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]

Hangata batho ba sa mameleng melao ea Bibele ba utloisa le ba bang bohloko

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 9]

Ba phelang ka melao ea Bibele ha ba tšetšethoe ke letsoalo ebile ba na le kamano e matla le litho tsa malapa a bona