Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Abrahama—O ne a E-na le Tumelo

Abrahama—O ne a E-na le Tumelo

Abrahama—O ne a E-na le Tumelo

Abrahama o ema ka ntle bosiung bo khutsitseng. Ha a lelala a sheba leholimong le khanyang le tletseng linaleli, ntho e tlang kelellong ea hae ke tšepiso ea Molimo ea hore litloholo tsa hae li tla ba ngata joaloka linaleli tseo. (Genese 15:5) Ha Abrahama a sheba linaleli, li mo hopotsa tšepiso ea Jehova. Li bile li mo tiisetsa hore joang kapa joang e tla phethahala. Etsoe haeba Jehova o na le matla a ho bōpa bokahohleng bo boholo hakaale le lintho tsohle tse ho bona, na o ne a ka hlōleha ho etsa hore Abrahama le Sara ba be le ngoana? Lintho tseo ke tsona tse etsang hore Abrahama a be le tumelo.

TUMELO KE ENG? Ka tsela eo le sebelisoang ka Bibeleng, lentsoe “tumelo” le bolela ho lumela nthong e e-s’o bonoe. Tumelo e joalo e thehiloe bopaking bo tiileng. Motho ea nang le tumelo ho Molimo o ameha haholo ka ho phethahala ha litšepiso tsa Jehova, o kholisehile ka tsona hoo ho eena ho leng joalokaha eka li se li phethahetse.

ABRAHAMA O ILE A BONTŠA TUMELO JOANG? Abrahama o ile a bontša hore o lumela hore litšepiso tsa Molimo li tla phethahala. Ka tumelo, Abrahama o ile a tloha naheng eo a tsoaletsoeng ho eona, a kholisehile hore Jehova o tla boloka tšepiso ea Hae ea ho mo fa naha e ’ngoe. Ka tumelo, Abrahama o ile a nyolosa a theosa le Kanana, a e-na le tšepo ea hore ka le leng litloholo tsa hae li tla rua naha eo. Hape, ka tumelo, Abrahama o ile a mamela eaba o leka ho etsa sehlabelo ka Isaka, a kholisehile hore, haeba ho hlokahala, Jehova o tla tsosa Isaka.—Baheberu 11:8, 9, 17-19.

Abrahama o ile a ameha ka bokamoso ho e-na le lintho tse fetileng. Le hoja Abrahama le Sara e ka ’na eaba ba ne ba phela hamonate Ure ho feta Kanana, “ha baa ka ba lula ba nahana ka naha eo ba neng ba tlohile ho eona.” (Baheberu 11:15, Today’s English Version) Ho e-na le hoo, ntho eo ba neng ba amehile ka eona ke kamoo Molimo a tla ba hlohonolofatsa kateng le litloholo tsa bona ka moso.—Baheberu 11:16.

Na Abrahama o ne a e-na le mabaka a utloahalang a ho ba le tumelo e joalo? Ho joalo. Jehova o ile a phethahatsa litšepiso tsohle tsa hae. Qetellong litloholo tsa Abrahama li ile tsa ngatafala, ea e-ba sechaba se tsejoang e le Iseraele. Ha nako e ntse e e-ea, Baiseraele ba ile ba lula Kanana, e leng eona naha eo Jehova a neng a e tšepisitse Abrahama.—Joshua 11:23.

RE ITHUTA’NG? Re ka kholiseha hore Jehova o tla phethahatsa litšepiso tsa hae. Leha batho ba ka bona eka tse ling tsa tsona ho ke ke ha khoneha hore li phethahale, re tšepa hore “lintho tsohle lia khoneha ho Molimo.”—Matheu 19:26.

Mohlala oa Abrahama o boetse o re ruta hore re se ke ra ameha ka lintho tse fetileng, empa re amehe ka lintho tseo re tla li thabela ka moso. Seo ke sona seo Jason a ileng a ithuta ho se etsa. Jason o tšoeroe ke lefu le leng le mo qetang matla ’me le ile la qetella le mo holofalitse ka ho feletseng. Jason o re: “Ke ’nete hore ka linako tse ling ke iphumana ke nahana ka lintho tse fetileng.” O phaella ka ho re: “Ke lintho tse fokolang tseo ke eeng ke li hloloheloe haholo, tse kang ho haka mosali oa ka, Amanda.”

Leha ho le joalo, Jason o lumela ka ho feletseng hore Jehova o tla phethahatsa litšepiso tsa hae, ho akarelletsa le ea hore haufinyane lefatše la rōna e tla ba paradeise le hore batho ba tšepahalang ba tla fuoa bophelo bo sa feleng ba be ba phele hantle ’meleng. * (Pesaleme ea 37:10, 11, 29; Esaia 35:5, 6; Tšenolo 21:3, 4) Jason o re: “Ke lula ke ikhopotsa hore linako tse monate li ntse li tla. Haufinyane lintho tsena kaofela li tla be li felile—khatello ea kelello, matšoenyeho, ho hlonama, ho ikutloa molato—ha li sa tla hlola li e-ba teng.” Ruri oo ke mohlala o motle oa ho bontša tumelo e tšoanang le ea Abrahama!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 9 E le hore u ithute se eketsehileng ka paradeise e tla ba teng lefatšeng, sheba khaolo ea 3, 7 le 8 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.