Ho Reka le ho Rekisa ho ne ho Etsoa Joang Iseraele ea Boholo-holo?
Mangolo a ne a romeloa joang mehleng ea Bibele?
’Muso oa Persia o ne o romela mangolo a mabapi le litaba tsa puso ka poso ea ’Muso. Ha buka ea Bibele ea Esthere e hlalosa kamoo mangolo a neng a tsamaisoa kateng Persia, e re: “[Mordekai] a ngola lebitsong la Morena Assueruse ’me a tiisa ka lesale la tiiso la morena ’me litokomane tse ngotsoeng a li romela ka matsoho a batsamaisi ba melaetsa ba lipere, ba palame lipere tsa ho tsamaisa melaetsa tse neng li sebelisoa tšebeletsong ea borena, lipetsana tse tona tsa lipere tse tšehali tse lebelo.” (Esthere 8:10) ’Muso oa Roma le oona o ne o tsamaisa mangolo a eang ho ba boholong kapa sesoleng ka tsela e tšoanang.
Mangolo a botho, a kang a neng a ngoloa ke moapostola Pauluse le ba bang, a ne a sa tšoanelehe hore a ka tsamaisoa ka tsela eo. Haeba motho e ne e le morui, o ne a ka roma lekhoba hore le mo tsamaisetse lengolo. Leha ho le joalo, ba bangata ba ne ba romela mangolo a bona ka batho ba ba tloaetseng, esita le ba neng ba sa ba tsebe ba neng ba e-ea sebakeng seo. Mangolo a ne a ka tsamaisoa ke ba lelapa, metsoalle, masole kapa bahoebi. Taba ea bohlokoa e ne e le hore na motho ea tsamaisang mangolo o ne a tšepahala hakae le hore na o ne a tla fetisa molaetsa joalokaha o le joalo. Bibele e bontša hore Pauluse o ne a romela a mang a mangolo a hae ka Bakreste-’moho le eena ba neng ba nka maeto.—Baefese 6:21, 22; Bakolose 4:7.
Ho reka le ho rekisa ho ne ho etsoa joang Iseraele ea boholo-holo?
Moruo oa sechaba sa Iseraele o ne o itšetlehile haholo ka temo, mehlape le ka ho fapanyetsana lintho thekisong. Bibele e bua ka limmaraka tse neng li le lihekeng tsa motse—e leng “Heke ea Linku,” “Heke ea Litlhapi” le ‘Heke ea Mangeta.’ (Nehemia 3:1, 3; Jeremia 19:2) Ho bonahala mabitso ana a bontša hore na ho ne ho rekisoa eng sebakeng ka seng. Bibele e boetse e bua ka ‘seterata sa baapehi’ se neng se le Jerusalema hammoho le lintho tse ling tse neng li rekoa le ho rekisoa.—Jeremia 37:21.
Theko ea lintho e ne e le joang? Buka e ’ngoe e hlalosang Bibele e re: “Theko ea lintho e ne e feto-fetoha ho theosa le makholo a lilemo ’me ho thata ho tseba hantle hore na ntho e itseng e ne e ja bokae sebakeng se itseng le ka nako e itseng.” Leha ho le joalo, boitsebiso bo tsoang mehloling ea khale le bo tsoang Bibeleng bo bontša hore esita le mehleng eo theko ea lintho e ne e ntse e nyoloha. Ka mohlala, makhoba a ne a rekoa le ho rekisoa ho ea ka hore na a lilemo li kae. Josefa o ile a rekisoa ka likotoana tse 20 tsa silevera tseo e ka ’nang eaba e ne e le lishekele, mohlomong lekhoba le le leng le ne le rekoa ka theko eo lekholong la bo18 la lilemo B.C.E. (Genese 37:28) Lilemo tse makholo a mararo hamorao theko ea lekhoba e ne e se e le lishekele tse 30. (Exoda 21:32) Lekholong la borobeli la lilemo B.C.E., theko ea lekhoba e ne e se e le lishekele tse 50. (2 Marena 15:20) Lilemo tse makholo a mabeli hamorao, nakong ea puso ea Persia, theko ea lekhoba e ne e se e nyolohile ho ba lishekele tse 90 kapa ho feta. Ho hlakile hore ho nyoloha ha theko ea lintho hase bothata ba matsatsi ana ao re phelang ho ’ona feela.