Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Ruri Molimo o Tsotella Basali?

Na Ruri Molimo o Tsotella Basali?

“Sebe se bile teng ka mosali ’me kaofela ha rōna rea shoa ka lebaka la hae.”—BUKA EA ECCLESIASTICUS EA LEKHOLONG LA BOBELI LA LILEMO B.C.E.

“Ke uena sesebelisoa sa diabolose: ke uena ea jeleng sefate se neng se hanetsoe: ke uena oa pele ea fetohetseng molao oa Molimo . . . Habonolo feela u ile ua senya setšoantšo sa Molimo, e leng monna.”—TERTULLIAN, BUKENG EA APPAREL OF WOMEN EA LEKHOLONG LA BOBELI LA LILEMO C.E.

LITEMANA tseo tsa boholo-holo ha li tsoe ka Bibeleng. Li ’nile tsa sebelisoa ka lilemo tse makholo e le ho tšehetsa taba ea ho khetholloa ha basali. Le kajeno batho ba bang ba chesehelang bolumeli ka ho feteletseng, ba ntse ba qotsa litemana tsa bolumeli ho lokafatsa ho tšoaroa ha basali hampe, ba bolela hore basali ke bona ba baketseng batho mathata. Na ruri Molimo o ne a rerile hore basali ba hlouoe le ho hlekefetsoa ke banna? Bibele e re’ng? A re ke re bone.

Na basali ba rohakiloe ke Molimo?

Che. Ho e-na le hoo “noha ea pele, e bitsoang Diabolose” ke eona e ‘rohakiloeng’ ke Molimo. (Tšenolo 12:9; Genese 3:14) Ha Molimo a ne a re Adama o ne a tla “laola” mosali oa hae o ne a sa bontše hore ho loketse hore monna a hatelle mosali. (Genese 3:16) O ne a mpa a bolela ka liphello tse bohloko tsa sebe tse neng li tla etsahalla banyalani bao ba pele.

Kahoo ho hlekefetsoa ha basali hase thato ea Molimo empa ke liphello tsa sebe seo batho ba se futsitseng. Bibele ha e tšehetse maikutlo a hore basali ba lokela ho hatelloa ke banna e le ho lefella sebe sa pele.—Baroma 5:12.

Na Molimo o entse hore monna a phahamele mosali?

Che. Genese 1:27 e re: “Molimo a bōpa motho ka setšoantšo sa hae, a mo bōpa ka setšoantšo sa Molimo; a ba bōpa e le e motona le e motšehali.” Kahoo ho tloha qalong, batho—e leng monna le mosali—ba ne ba bōpeletsoe le bokhoni ba ho bonahatsa litšobotsi tsa Molimo. Le hoja Adama le Eva ba ne ba bōpiloe ka tsela e fapaneng maikutlong le ’meleng, ka bobeli ba bona ba ile ba fuoa litaelo tse tšoanang ’me ’Mōpi oa bona o ne a ba file boikarabelo bo tšoanang.—Genese 1:28-31.

Pele Molimo a bōpa Eva, o ile a re: “Ke tla mo [Adama] etsetsa mothusi, e be motlatsi oa hae.” (Genese 2:18) Na lentsoe “motlatsi” le bontša hore monna o ne a phahametse mosali? Che, hobane lentsoe lena la Seheberu le ka boela la bolela “molekane” kapa “motho ea thusang” monna. Nahana kamoo ngaka e buoang le ngaka e robatsang mokuli li sebelisanang kateng  nakong ea opereishene. Na ngaka e ’ngoe e ka sebetsa ka katleho ntle ho e ’ngoe? Le hanyenyane! Le hoja ngaka e buoang e le eona e etsang opereishene, na ke ea bohlokoa ho feta e robatsang? Che. Ka ho tšoanang, Molimo o ile a bōpa monna le mosali hore ba sebelisane ’moho eseng hore ba qothisane lehlokoa.—Genese 2:24.

Ke eng e bontšang hore Molimo o tsotella basali?

Kaha Molimo o ile a hla a bona seo banna ba neng ba tla se etsa ka lebaka la ho futsa sebe, o ile a bontša hore o ikemiselitse ho sireletsa basali. Mongoli Laure Aynard, ha a bua ka Molao oa Moshe o ileng oa thehoa lekholong la bo16 la lilemo B.C.E., bukeng ea hae ea La Bible au féminin (Bibele Lehlakoreng la Basali), o re: “Hangata, moo selekane sa Molao se buang ka mosali, sea mo sireletsa.”

Ka mohlala, Molaong oo, taelo e ne e le hore ’mè le ntate ba lokela ho hlomphuoa ka mokhoa o tšoanang. (Exoda 20:12; 21:15, 17) Hape Molao oo o ne o laela hore batho ba nahanele basali ba baimana. (Exoda 21:22) Le kajeno, melao eo ea Molimo e sireletsang e fapane hōle le ea linaha tse se nang litokelo tsa molao, e leng boemo boo basali ba bang ba thulanang le bona linaheng tse ngata. Empa ho na le lintlha tse ngata tse bontšang hore Molimo o tsotella basali.

Molao o Bontšang Kamoo Molimo a Talimang Basali Kateng

Molao oo Jehova Molimo a ileng a o fa sechaba sa Iseraele o ile oa thusa batho—banna le basali—hore ba rue molemo ’meleng, boitšoarong le hore ba lule ba e-na le kamano e ntle le Molimo. Hafeela sechaba se ne se mamela, Molimo o ne a tla se “phahamisetsa ka holim’a lichaba tse ling tsohle tsa lefatše.” (Deuteronoma 28:1, 2) Molao o ne o ama basali joang? A re ke re hlahlobe se latelang.

1. Basali ba ne ba lokolohile. Ho fapana le basali ba lichaba tse ling tsa boholo-holo, basali ba Baiseraele ba ne ba thabela tokoloho e khōlō. Le hoja monna a ne a filoe boikarabelo ba ho ba hlooho ea lelapa, o ne a tšepa mosali oa hae  hore a ka ‘talima tšimo ’me a e reke’ le ho ‘lema serapa sa morara.’ Haeba a ne a e-na le tsebo ea ho ohla le ho loha, o ne a ka khona ho ba le khoebo ea hae. (Liproverbia 31:11, 16-19) Basali ba neng ba le tlas’a Molao oa Moshe ba ne ba ikemetse.

Iseraeleng ea boholo-holo, basali ba ne ba lokolohile hore ba ka ba le kamano le Molimo. Bibele e bua ka Anna ea ileng a rapela Molimo ka taba e itseng e neng e mo ama eaba o etsa kano sephiring. (1 Samuele 1:11, 24-28) Mosali e mong ea neng a tsoa motseng oa Shuneme o ne a tloaetse ho ea ho moprofeta Elisha ka matsatsi a Sabatha. (2 Marena 4:22-25) Molimo o ile a sebelisa basali ba kang Debora le Hulda hore e be baemeli ba hae. Ho thahasellisang ke hore banna ba hlomphehang le baprista ba ne ba ikemiselitse ho batla keletso ho basali bao.—Baahloli 4:4-8; 2 Marena 22:14-16, 20.

2. Basali ba ne ba rutehile. Kaha basali e ne e le karolo ea Molao, ba ne mengoa ho tla mamela ha Molao o baloa, e leng se ileng sa etsa hore ba ithute. (Deuteronoma 31:12; Nehemia 8:2, 8) Ba ne ba boetse ba koetlisoa e le hore ba etse mesebetsi e itseng e amanang le borapeli ba phatlalatsa. Ka mohlala, ho bonahala basali ba bang ba ne ba etsa “tšebeletso e hlophisitsoeng” tabernakeleng ha ba bang ba ne ba bina sehlopheng sa ’mino se neng se akarelletsa banna le basali.—Exoda 38:8; 1 Likronike 25:5, 6.

Basali ba Iseraele ea boholo-holo ba ne ba e-na le likhoebo

Basali ba bangata ba ne ba e-na le tsebo le bokhoni bo hlokahalang ba ho tsamaisa likhoebo tse atlehang. (Liproverbia 31:24) Ho fapana le seo lichaba tsa mehleng eo li neng li tloaetse ho se etsa—e leng hore ntate ke eena feela ea neng a ruta bara ba hae—’mè oa Moiseraele o ne a kenya letsoho ho ruteng bara ba hae ho fihlela ba hōla. (Liproverbia 31:1) Ho hlakile hore basali ba Iseraele ea boholo-holo ba ne ba rutehile.

3. Ba ne ba tšoaroa ka tlhompho. Melao e Leshome e ile ea bolela ka ho hlaka, ea re: “Hlompha ntat’ao le ’m’ao.” (Exoda 20:12) Maele a Morena Solomone ea bohlale, a re: “Mora oa  ka, u mamele taeo ea ntat’ao, ’me u se ke ua furalla molao oa ’m’ao.”—Liproverbia 1:8.

E le ho bontša tlhompho ho basali, Molao o ne o e-na le litaelo tse qaqileng mabapi le kamoo batho ba sa nyalanang ba neng ba lokela ho itšoara kateng. (Levitike 18:6, 9; Deuteronoma 22:25, 26) Monna ea hlomphang molekane oa hae o ne a lokela ho ela hloko hore mosali o na le matla a fokolang a ’mele.—Levitike 18:19.

4. Litokelo tsa basali li ne li sireletsoa. Lentsoeng la hae, Jehova o itlhalosa e le “ntat’a bashanyana ba se nang bo-ntate ’me ke moahloli oa bahlolohali.” Ka mantsoe a mang e ne e le Mosireletsi oa bana ba se nang bo-ntate kapa basali ba se nang banna ba neng ba ka ba emela. (Pesaleme ea 68:5; Deuteronoma 10:17, 18) Ka lekhetlo le leng, ha mohlolohali eo monna oa hae e neng e le moprofeta a ne a tšoeroe ka mokhoa o hlokang toka ke motho eo a neng a mo kolota, Jehova o ile a kenella ka ho etsa mohlolo e le hore mohlolohali eo a ka lokoloha ’me a boloka seriti sa hae.—2 Marena 4:1-7.

Pele Baiseraele ba kena Naheng e Tšepisitsoeng, monna e mong ea bitsoang Zelofehade o ile a shoa a se na mora. Kahoo, barali ba hae ba bahlano ba ile ba kōpa Moshe hore a ba fe “lefa” Naheng e Tšepisitsoeng. Jehova o ile a ba fa ho feta kamoo ba neng ba kōpile kateng. O ile a re ho Moshe: “U lokela ho ba fa leruo har’a barab’abo ntat’a bona, ’me u fetisetse lefa la ntat’a bona ho bona.” Ho tloha ka nako eo ho ea pele basali ba Baiseraele ba ne ba fumana lefa le tsoang ho bo ntat’a bona ebe ba le fetisetsa ho bana ba bona.—Numere 27:1-8.

Bolumeli bo Entse Hore Batho ba Lumele Hore Molimo ha a Tsotelle Basali

Molao oa Moshe o ne o hlompha basali le litokelo tsa bona. Empa ho tloha lekholong la bone la lilemo B.C.E. ho ea pele, meetlo ea Segerike e neng e nkela basali tlaase, e ile ea qala ho kenella Bolumeling ba Sejuda.—Sheba lebokose le reng “Ho Khetholloa ha Basali Libukeng Tsa Boholo-holo.”

Ka mohlala, seroki sa Mogerike, Hesiod (sa lekholong la borobeli la lilemo B.C.E.) se ile sa beha basali molato ka hore ke bona ba baketseng batho mathata. Bukeng ea hae e bitsoang Theogony, o ile a bolela hore “basali ke chefo e kotsi e bakelang banna mathata a maholo.” Mathoasong a lekholo la bobeli la lilemo B.C.E., Bolumeli ba Sejuda bo ile ba tšehetsa maikutlo ana haholo. Talmud, e leng lineano tsa Sejuda tse ileng tsa bokelloa ho tloha lekholong la bobeli la lilemo C.E. ho ea pele, e ile ea fana ka temoso ena ho banna: “Le se ke la bua le basali haholo hobane sena se ka etsa hore le oele boitšoarong bo litšila.”

Ka lilemo tse makholo, ho se tšepe basali ka tsela eo, ho ile ha ama mokhoa oo Bajuda ba neng ba ba tšoara ka oona haholo. Mehleng ea Jesu, ha basali ba ne ba e-ea mabaleng a tempele  ba ne ba fella feela Lebaleng la Basali. Banna e ne e le bona feela ba neng ba rutoa ka bolumeli ’me ho bonahala basali ba ne ba sa lule le banna ka synagogeng. Talmud e qotsa Rabi e mong a re: “Mang kapa mang ea rutang morali oa hae Torah [Molao] o mo ruta lintho tse nyonyehang.” Ka ho emela Molimo hampe tabeng ena, baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ile ba ruta banna ba bangata hore ba nyonye basali.

Ha a ne a le lefatšeng, Jesu o ile a hlokomela hore khethollo ea basali e ne e metse ka metso lineanong tsa batho. (Matheu 15:6, 9; 26:7-11) Na lithuto tse joalo li ile tsa ama tsela eo a neng a sebelisana le basali ka eona? Re ka ithuta’ng ka boikutlo ba hae le tsela eo a neng a etsa lintho ka eona? Na Bokreste ba ’nete bo entse hore basali ba ikutloe ba lokolohile? Sehlooho se latelang se tla araba lipotso tsena.