MOLULA-QHOOA November 2012 | U ka Rata ho Botsa Molimo Eng?

Fumana likarabo tsa Bibele tsa lipotso tse tharo tsa bohlokoa: Re phelela’ng? Ho etsahala’ng ka rōna ha re e-shoa? Ke hobane’ng ha Molimo a lumella bohloko?

SEHLOOHO SE KA NTLE

Na ho Loketse ho Botsa Molimo Lipotso?

Re ka fumana likarabo tse khotsofatsang tsa lipotso tsa bohlokoa tseo re ipotsang tsona hokae? Na re ka botsa Molimo?

SEHLOOHO SE KA NTLE

Potso ea 1: Ke Phelela’ng?

Batho ba bangata ba nahana hore lintho tsa bohlokoa bophelong ke ho ba le chelete le ho tuma, empa ha e le ha ntle tseo ha se tsona lintho tse tlisetsang motho thabo.

SEHLOOHO SE KA NTLE

Potso ea 2: Ho Tla Etsahala’ng ka ’na ha ke E-shoa?

Batho ba bangata baa tšaba kaha ha ba tsebe se etsahalang ka mor’a lefu. Ithute seo Bibele e se rutang.

SEHLOOHO SE KA NTLE

Potso ea 3: Ke Hobane’ng ha Molimo a Ntlohella Hore ke Utloe Bohloko?

Bibele e bolela ka ho hlaka hore Molimo hase eena ea bakang mahlomola. Joale, ke hobane’ng ha batho ba se nang molato ba utloa bohloko?

Bibele e Fetola Bophelo

Ho tlile joang hore mosali ea neng a e-na le mosebetsi o motle, motho ea bechang le monna ea neng a feletsoe ke tšepo bophelong ba fumane thabo ea sebele?

Re U Lome Tsebe?

Ho ne ho sebelisoa enke le lipene tsa mofuta mehleng ea Bibele? Moapostola Pauluse o ne a etsa litente tsa mofuta ofe?

ITHUTE LENTSOENG LA MOLIMO

Na Molimo o Tla Tlisa ’Muso o Tla Busa Lefatše Lohle?

Batho ba na le mathata lefatše ka bophara. Na ho ba le ’musi oa lefatše lohle ho ka rarolla bothata boo?

LINTHO TSE KA ETSANG HORE LELAPA LE THABE

Le ka Etsa’ng ha le E-na le Likoloto?

Malapa a ka etsa’ng haeba ho bonahala eka ho tsoa likolotong hase ntho e bonolo?

ATAMELA HO MOLIMO

“Jehova o Batla Eng ho Uena?”

Molimo o lebeletse eng ho batho ba batlang ho mo sebeletsa? Na batho ba sa phethahalang ba ka khona ho khahlisa Molimo?

BABALI BA BATLA HO TSEBA

Na ho ba le Tumelo ke ho ea le Khongoana Holimo?

Ho e-na le hore re lumele lintho feela ka hlooho e ntšo, Bibele e re khothalletsa hore re lule re butse mahlo a rōna, re sebelise matla a rōna a ho nahana, re be re fumane bopaki.

Seo ke Ithutang Sona ka Bibeleng

Ke mang ea entseng pula? Ke hobane’ng ha re e hloka? Sebelisa thuto ena ea Bibele ho ruta bana ba hao ka Molimo le ka pōpo ea hae.

Bophelo ba Mehleng ea Bibele—Molisa

Molisa o ne a hlokomela liphoofolo tsa mofuta ofe? Mosebetsi oa hae o ne o akarelletsa eng?

Lekhotla la Europe le Tšehetsa Tokelo ea ho Hana Tšebeletso ea Sesole ka Lebaka la Bolumeli

Bala ka qeto ena ea bohlokoa eo hona joale e tla lateloa le linaheng tse ling tsa Europe.