Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lekhotla la Europe le Tšehetsa Tokelo ea ho Hana Tšebeletso ea Sesole ka Lebaka la Bolumeli

Lekhotla la Europe le Tšehetsa Tokelo ea ho Hana Tšebeletso ea Sesole ka Lebaka la Bolumeli

LIPAKI TSA JEHOVA lefatšeng ka bophara li tsebahala ka ho se tšehetse lipolotiki kapa lintoa tsa sechaba sefe kapa sefe. Li lumela ka tieo hore li lokela ho “tea lisabole tsa [tsona] hore e be mehoma” le hore ha li sa tla “hlola [li] ithuta ntoa.” (Esaia 2:4) Ha li hanyetse batho ba batlang ho kenela sesole. Empa ho etsahala’ng haeba Paki e sa kenele tšebeletso ea sesole ka lebaka la tumelo ea eona, leha ho etsa joalo e le tlamo naheng eo e lulang ho eona? Bona ke boemo boo mohlankana e mong ea bitsoang Vahan Bayatyan a ileng a tobana le bona.

Liketsahalo Tse Ileng Tsa Etsa Hore Nyeoe e ee Lekhotleng la Europe

Vahan o hlahetse Armenia ka April 1983. Ka 1996, eena le ba bang lapeng labo ba ile ba qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova ʼme ha a le lilemo li 16, o ile a kolobetsoa. Ho ithuta Bibele ho ile a etsa hore Vahan a hlomphe lithuto tsa Jesu Kreste ka botebo, ho akarelletsa le taelo eo Jesu a faneng ka eona ea hore balateli ba hae ba se ke ba nka lihlomo tsa sebele tsa ntoa. (Matheu 26:52) Kahoo, nakoana ka mor’a hore Vahan a kolobetsoe, o ile a tobana le qeto e boima bophelong ba hae.

Molao oa Armenia o tlama mohlankana e mong le e mong ea lilemo li 18 hore a kenele sesole. Haeba ba hana tšebeletso ena, ba ka ahloleloa ho hlola chankaneng ka lilemo tse ka bang tse tharo. Vahan o ne a batla ho sebeletsa baahi ba naha ea habo. Ka nako e tšoanang, o ne a sa batle ho etsa se khahlanong le seo a ithutileng sona ka Bibeleng. Joale o ile a etsa joang?

Hang ha Vahan a fihla lilemong tsa hore a kenele sesole ka 2001, o ile a qala ho ngolla ’muso oa Armenia. Mangolong a hae, o ile a bolela hore ho latela seo a ithutileng sona ka Bibeleng, letsoalo la hae le tumelo ea hae ha li mo lumelle ho kenela tšebeletso ea sesole. Leha ho le joalo, o ile a bolela hore o ikemiselitse ho etsa mosebetsi o mong oa sechaba o sa amaneng le sesole.

Vahan Bayatyan ka pel’a Chankana ea Nubarashen e Armenia

 Ka nako e fetang selemo Vahan o ne a ntse a ipiletsa ’musong hore o mamele kōpo ea hae ea ho hana tšebeletso ea sesole. Leha ho le joalo, ka September 2002, Vahan o ile a tšoaroa ʼme hamorao a qosoa ka ho hana ho kenela tšebeletso ea sesole. O ile a ahloleloa ho hlola likhoeli tse 18 chankaneng. Leha ho le joalo, mochochisi ha aa ka a khotsofalla kahlolo eo. Khoeli feela ka mor’a kahlolo ena, mochochisi o ile a etsa kōpo lekhotleng la maipiletso ea hore kahlolo eo e eketsoe. Lebaka la hae e ne e le hore ho hana ha Vahan tšebeletso ea sesole ka lebaka la bolumeli “ha ho utloahale ebile ho kotsi.” Lekhotla la maipiletso le ile la lumellana le kōpo ea mochochisi ʼme la eketsa kahlolo ea Vahan hore a hlole likhoeli tse 30 chankaneng.

Vahan o ile a ipiletsa lekhotleng le ka holimo-limo la Armenia mabapi le qeto ena. Ka January 2003, Lekhotla le ka Holimo-limo le ile la tšehetsa kahlolo ea lekhotla la maipiletso. Vahan o ile a isoa chankaneng hang-hang ʼme o ne a koaletsoe le babolai, barekisi ba lithethefatsi le batho ba betang.

Liketsahalo ka Lekhotleng la Europe

Ho tloha ka 2001, Armenia e ’nile ea e-ba setho sa Lekhotla la Europe. Ka lebaka leo, baahi ba eona ba na le tokelo ea ho ipiletsa Lekhotleng la Europe la Litokelo Tsa Botho (ECHR [European Court of Human Rights]) ha boikitlaetso ba bona ba ho fumana toka makhotleng a linaha tsa habo bona bo hlōlehile. Vahan o ile a khetha ho etsa joalo. Boipiletsong ba hae o ile a beha lebaka la hore ho ahloloa ha hae ka lebaka la ho hana tšebeletso ea sesole ho tlotse Molao oa 9 oa Tumellano ea Linaha Tsa Europe ea Litokelo Tsa Botho. O ile a kōpa hore tokelo ea hae ea ho hana tšebeletso ea sesole ka lebaka la tumelo ea hae e sireletsoe ka molao ona—e leng ntho eo ho neng ho se mohla e kileng ea sekasekoa pele ho moo.

Ka la 27 October, 2009, ECHR e ile ea liha kahlolo ea eona. Ka lebaka la molao o thehiloeng liqetong tse ileng tsa etsoa linyeoeng tse fetileng, lekhotla le ile la bolela hore Molao oa 9 oa Tumellano ea Europe, ha o sireletse litokelo tsa batho ba hanang sesole ka lebaka la bolumeli.

Bayatyan le mosali oa hae, Tsovinar, le mor’a hae, Vahe

Ka nako eo, e ne e se e le khale Vahan a lokolotsoe chankaneng, a se a nyetse a bile a e-na le ngoana oa moshanyana. Qeto eo e ile ea soabisa Vahan. Joale, o ne a lokela ho etsa qeto ea hore na o qhala nyeoe eo kapa o ipiletsa Moifong o Moholo oa ECHR. O ile a khetha ho ipiletsa. Moifo o Moholo o amohela linyeoe tse ikhethang feela, kahoo Vahan o ile a thaba ha Moifo o etsa qeto ea ho hlahloba nyeoe ea hae.

Qetellong, ka la 7 July, 2011, Strasbourg, Fora, Moifo o Moholo oa ECHR o ile oa liha kahlolo ea oona. Se hlollang ke hore baahloli ba 16 ho ba 17 ba lekhotla ba ile ba lumellana hore Armenia e hataketse tokelo ea ho ikhethela  ea Vahan Bayatyan ha e mo ahlola le ho mo koalla chankaneng hobane a ile a hana tšebeletso ea sesole ka lebaka la bolumeli. Moahloli ea tsoang Armenia ke eena feela ea ileng a hanyetsa.

Bayatyan le babuelli ba hae ba molao Lekhotleng la Europe la Litokelo Tsa Botho, November 24, 2010

Ke hobane’ng ha qeto eo e le ea bohlokoa? Hobane e ne e le ka lekhetlo la pele historing ea ECHR, ho etsoa qeto ea hore tokelo ea ho hana tšebeletso ea sesole ka lebaka la bolumeli e sirelelitsoe ka botlalo Molaong oa 9 oa Tumellano ea Europe. Ka lebaka leo, lekhotla le nka hore ho koalla motho ea hanang tšebeletso ea sesole ka lebaka la bolumeli ke ho hatakela litokelo tsa motheo naheng ea puso ea demokrasi.

Mabapi le boemo ba Lipaki Tsa Jehova ba ho hana tšebeletso ea sesole ka lebaka la letsoalo, lekhotla le ile la re: “Ka lebaka leo, Lekhotla ha le na lebaka la ho belaela hore ho hana ha moqosuoa tšebeletso ea sesole ka lebaka la letsoalo ho susumelitsoe ke tumelo ea hae, eo a e khomaretseng e le ka ʼnete le e hananang ka tieo le hore a etse tšebeletso ea sesole.”

Se Ileng sa Etsahala ka Mor’a Qeto Eo

Lilemong tse ka holimo ho tse 20 tse fetileng, ho ile ha ahloloa Lipaki Tsa Jehova tse fetang 450 Armenia, tse hanang tšebeletso ea sesole ka lebaka la tumelo ea tsona. Ha ho ntse ho ngoloa sehlooho sena, bahlankana ba 58 ba naheng eo ba ne ba koaletsoe chankaneng hobane ba hana tšebeletso ea sesole ka mabaka a bolumeli. Ba bahlano ba bona ba ile ba koalloa chankaneng ka mor’a qeto e ikhethang e entsoeng nyeoeng e pakeng tsa Bayatyan le ’muso oa Armenia. * Ho e ʼngoe ea linyeoe tseo, ha mohlankana e mong a etsa kōpo ho mochochisi oa lekhotla la habo hore a qhale nyeoe ea tlōlo ea molao e mo qosang ka ho hana tšebeletso ea sesole ka lebaka la bolumeli, mochochisi o ile a hana kōpo ea hae. Ha mochochisi a mo araba ka lengolo o ile a re: “Kahlolo e entsoeng ke Lekhotla la Europe nyeoeng e neng e le pakeng tsa Bayatyan le ’muso oa Armenia, ea la 7 July, 2011, ha e sebetse nyeoeng ena, kaha ho hlakile hore maemo a linyeoe tsena tse peli ha a tšoane.”

Ke hobane’ng ha mochochisi a ile a ikutloa ka tsela eo? Ha Vahan Bayatyan a qosoa, ho ne ho se na mosebetsi o mong oa sechaba o ka etsoang haeba motho a sa kenele sesole. ʼMuso oa Armenia o ile oa tiisa hore ho tloha nakong eo, ho entsoe molao o fanang ka tokisetso eo, ka hona ba hanang tšebeletso ea sesole ba ka khetha ho etsa mosebetsi o mong oa sechaba. Leha ho le joalo, molao o amang mosebetsi o mong, o taolong ea sesole, ka hona ha o sebetse ho batho ba bangata ba hanang tšebeletso ea sesole ka lebaka la bolumeli, ba ntseng ba bitsetsoa tšebeletso ea sesole hona joale.

Vahan Bayatyan o thabetse qeto ea bohlokoa e entsoeng, e mo emelang. Kahlolo ena e tlama ’muso oa Armenia hore o khaotse ho ahlola le ho koalla batho bao tumelo ea bona eo ba e nkang ka botebo e sa ba lumelleng ho kenela tšebeletso ea sesole.

Lipaki Tsa Jehova ha lia ikemisetsa ho tlisa liphetoho tsamaisong ea molao oa naha efe kapa efe. Leha ho le joalo, feela joalokaha ho entse Vahan Bayatyan e monyenyane, li batla ho sireletsa litokelo tsa tsona tsa molao li itšetlehile ka melao e seng e ntse e le teng e laolang linaha tseo li lulang ho tsona. Hobane’ng? Hobane li batla ho tsoela pele li phela ka khotso ’me li mamele litaelo tsohle tsa Moeta-pele oa tsona, e leng Jesu Kreste ka bolokolohi.

^ ser. 17 Ba babeli ba bona ba ile ba ahloloa ka la 7 July, 2011, letsatsing leo ECHR le eona e entseng qeto ka lona.