Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bophelo ba Jesu—Bo re Bontša Kamoo re ka Phelang Bophelo bo Nang le Morero Kateng

Bophelo ba Jesu—Bo re Bontša Kamoo re ka Phelang Bophelo bo Nang le Morero Kateng

NA KANNETE Jesu o ile a phela bophelo bo nang le morero? Ho hlakile hore o hōletse maemong a tlaase ebile o ne a se na lintho tse ngata tsa lefatše. Ha e le hantle o ne a se na “moo a ka behang hlooho ea hae teng.” (Luka 9:57, 58) Ho phaella moo, batho ba ne ba mo hloile, ba mo nyefola, qetellong lira tsa hae tsa ba tsa mo bolaea.

U ka ’na ua re, ‘Ha ke nahane hore bophelo bo nang le morero bo joalo!’ Empa ho na le lintho tse ngata tseo re ka nahanang ka tsona ka bophelo ba Jesu. A re ke re hlahlobeng likarolo tse ’nè tsa bophelo ba hae.

1. MORERO OA JESU BOPHELONG E NE E LE HO ETSA THATO EA MOLIMO.

“Lijo tsa ka ke hore ke etse thato ea ea nthomileng.”—Johanne 4:34.

Ka seo a ileng a se bua le seo a ileng a se etsa, Jesu o ne a batla ho etsa thato ea Ntate oa hae ea leholimong, e leng Jehova. * Jesu o ne a fumana thabo e ngata ha a etsa thato ea Molimo. Ha e le hantle, o ile a bapisa ho etsa thato ea Molimo le lijo, joalokaha ho bontšitsoe lengolong le sa tsoa qotsoa. A re ke re hlahlobeng hore na maemo e ne e le afe ha Jesu a ne a etsa papiso eo.

E ka ’na eaba ha Jesu a ne a bua mantsoe ao e ne e le har’a mpa ea motšehare. (Johanne 4:6) Hoseng ha letsatsi leo, o ne a haotse le naha ea Samaria e maralla, kahoo, ho hlakile hore o ne a lapile. Ha e le hantle, barutuoa ba hae ba ne ba ntse ba mo phehella ba re: “Rabi, ja.” (Johanne 4:31) Ka karabo ea hae Jesu o ile a bontša hore o ne a khothatsoa le ho matlafatsoa haholo ke ho etsa mosebetsi oa Molimo. Na seo ha se bontše hore e ne e le motho ea phelang bophelo bo nang le morero?

2. JESU O NE A RATA NTATE OA HAE KA PELO EOHLE.

“Ke rata Ntate.”—Johanne 14:31.

Ha Jesu a ne a le leholimong o ne a e-na le setsoalle se matla le Ntate oa hae. Lerato la Jesu le tebileng ho Molimo le ile la mo susumelletsa hore a tsebise batho lebitso, merero le litšobotsi tsa Ntate oa hae. Jesu o ile a etsisa Ntate oa hae ka ho phethahetseng ka lipuo, liketso le ka mekhoa, hoo re bonang litšobotsi tse feletseng tsa Ntate oa hae ho eena. Kahoo, ha Filipi a ne a re ho Jesu: “Re bontše Ntate,” Jesu o ile a re: “Ea mponeng o bone le Ntate.”—Johanne 14:8, 9.

Jesu o ne a rata Ntate oa hae hoo a neng a ikemiselitse ho mo mamela ho isa lefung. (Bafilipi 2:7, 8; 1 Johanne 5:31) Lerato le matla joalo bakeng sa Molimo  le ile la etsa hore bophelo ba Jesu bo be le morero.

3. JESU O NE A RATA BATHO.

“Ha ho ea nang le lerato le leholo ho lena, hore motho a nehelane ka moea oa hae molemong oa metsoalle ea hae.”—Johanne 15:13.

Kaha ha rea phethahala, tšepo ea rōna ka bokamoso e lerootho. Bibele e re: “Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho [Adama] a le mong le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.” (Baroma 5:12) Re ke ke ra qoba liphello tsa sebe, e leng lefu, ka borōna.—Baroma 6:23.

Re leboha Jehova hore ebe ka lerato o ithaopetse ho rarolla bothata boo. O ile a lumella Mora oa hae ea phethahetseng le ea se nang sebe, e leng Jesu, ho utloa bohloko le ho shoa e le hore a ka lokolla batho bokhobeng ba sebe le lefu. Kaha Jesu o ne a rata Ntate oa hae le batho, o ile a lumellana le Ntate oa hae ka boithatelo, eaba o fana ka bophelo ba hae bo phethahetseng molemong oa rōna. (Baroma 5:6-8) Lerato le joalo le hlokang boithati le ile la etsa hore a phele bophelo bo nang le morero. *

4. JESU O NE A TSEBA HORE NTATE OA HAE OA MO RATA EBILE O ANANELA SEO A NENG A SE ETSA.

“Enoa ke Mora oa ka, ea ratoang, eo ke mo amohetseng.”—Matheu 3:17.

Jehova o ile a bua mantsoe ana a le leholimong nakong eo Jesu a neng a kolobetsoa. Jehova o buile phatlalatsa hore o rata Mora oa hae Jesu, le hore o ananela seo a neng a se etsa. Ha ho makatse hore ebe Jesu o ile a hatisa seo ka ho re: ‘Ntate oa nthata’! (Johanne 10:17) Ho tseba hore Ntate oa hae oa mo rata le hore o ananela seo a se etsang ho ile ha etsa hore a be sebete ha a hanyetsoa le ha a nyefoloa. Le ha a se a le makhatheng a ho shoa o ile a bontša botsitso le boitšoaro. (Johanne 10:18) Ha ho pelaelo hore ho tseba hore Ntate oa hae oa mo rata le hore o ananela seo a neng a se etsa, ho ile ha etsa hore bophelo ba Jesu bo be le morero haholoanyane.

Ka sebele, Jesu o phetse bophelo bo nang le morero. Ho hlakile hore re ka ithuta ho hongata ho eena mabapi le kamoo re ka phelang bophelo bo nang le morero kateng. Sehlooho se latelang se tla tšohla tse ling tsa likeletso tse tobileng tseo Jesu a ileng a li fa balateli ba hae mabapi le hore na ba phele joang.

^ ser. 6 Jehova ke lebitso la Molimo le hlahang ka Bibeleng.

^ ser. 15 E le hore re ithute ka ho eketsehileng ka bohlokoa ba lefu la Jesu le re lokollang, sheba khaolo ea 5 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.