Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 BIBELE E FETOLA BATHO

“Tšepiso ea Lefatše la Paradeise e Fetotse Bophelo ba Ka”

“Tšepiso ea Lefatše la Paradeise e Fetotse Bophelo ba Ka”
  • SELEMO SA TSOALO: 1974

  • NAHA EA HESO: LATVIA

  • PELE: KE NE KE LE ’MAMPOLI OA MABELO A KOTSI A LITHUTHUTHU

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG:

Ke hlahetse Riga, e leng motse-moholo oa Latvia. ’Na le khaitseli ea ka re hōlisitsoe ke ’Mè. Le hoja ’Mè e le Mok’hatholike, re ne re ea kerekeng feela ka matsatsi a phomolo a bolumeli. Haesale ke lumela hore ho na le motho ea matla ea phahameng, empa kaha ke ne ke sa le mocha, ke ile ka khelosoa ke lintho tse ngata tseo ke neng ke li rata.

Ha ke ntse ke hōla, ’mè oa ka o ile a hlokomela hore ke na le talenta ea ho qhaqha lintho ke boele ke li kopanye. Kaha lapeng ho ne ho e-na le lintho tse ngata tseo nka li qhaqhang, ’Mè o ne a sa batle ho ntšiea ke le mong. O ile a mpha mochine o monyenyane oa tšepe oo ke neng ke rata ho o qhaqha ebe ke o kopanya hape. Seo se ile sa etsa hore ke rate lithuthuthu le ho feta. ’Mè o ile a ’ngolisa lebelong la lithuthuthu le bitsoang Zelta Mopēds (The Golden Moped). Ke ile ka qala ho kenela mabelo a libaesekele tse kang lithuthuthu ’me hamorao ka kenela mabelo a lithuthuthu.

Ke ne ke le hlooho e bonolo, kahoo ka mor’a nakoana ke ne ke se ke ipabola haholo papaling ena e kotsi ea lithuthuthu tse lebelo. Ke ile ka hapa tlhōlisano ea lithuthuthu ea Latvia ka makhetlo a mararo ’me ka hapa Tlhōlisano ea Baltic States Superbike habeli.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG:

Kharebe ea ka Evija (eo hamorao e ileng ea e-ba mosali oa ka) o ile a kopana le Lipaki Tsa Jehova nakong eo ke neng ke tsoetse pele haholo papaling ea lithuthuthu. O ile a fumana tse ling tsa lingoliloeng tsa Lipaki, tse neng li e-na le setlankane sa ho kōpa ho thusoa ho ithuta Bibele. O ile a tlatsa setlankane seo eaba o oa se posa. Ka mor’a nako e sa feliseng pelo, Lipaki tse peli li ile tsa mo etela eaba o qala ho ithuta Bibele le tsona. Ke ne ke se na bothata le ha a ithuta, empa ka nako eo ke ne ke se na taba hakaalo le bolumeli.

Hamorao, Lipaki tseo li ile tsa nkōpa hore ke be teng ha li ithuta Bibele le Evija. Ke ile ka lumela ’me ka rata seo ke neng  ke se utloa. Ntho e ileng ea nkama pelo ka ho khetheha ke tšepiso ea Bibele ea hore lefatše e tla ba paradeise. Ka mohlala ba ile ba mpontša lengolo la Pesaleme ea 37:10, 11, le reng: “Ho setse nakoana e seng kae, ’me ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng; ka sebele u tla lebisa tlhokomelo sebakeng sa hae, ’me o tla be a le sieo. Empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.” Ruri tšepiso eo e ile ea nkama maikutlo.

Ke ile ka tsoela pele ke thabela ho ithuta ka Molimo. Ke ile ka qala ho hlokomela kamoo malumeli a rutang lithuto tse ngata tsa leshano kateng. Ka lehlakoreng le leng, ke ile ka khahloa ke lintho tseo ke neng ke ithuta tsona Bibeleng hobane li ne li utloahala li bile li hlakile.

Ha ke ntse ke tsoela pele ke ithuta Bibele, ke ile ka hlokomela kamoo bophelo e leng ba bohlokoa kateng ho Jehova. (Pesaleme ea 36:9) Seo se ile sa etsa hore ke fetole maikutlo ka papali ea lithuthuthu; ke ne ke se ke sa batle ho beha bophelo ba ka kotsing. Ho e-na le hoo, ke ne ke batla ho phela ka tsela e tlotlisang Jehova. Kahoo, botumo le monyaka oa mabelo a lithuthuthu e ne e se e se lintho tsa bohlokoa ho ’na.

Ke ile ka utloisisa hore ke na le boikarabelo ho Mofani oa bophelo

Ka 1996, ke ile ka ea kopanong ea machaba ea Lipaki Tsa Jehova e neng e le Tallinn, Estonia, haufi le lebala leo hangata ke neng ke kenela mabelo a lithuthuthu ho lona. Ha ke le kopanong ke ile ka bona batho ba tsoang linaheng tse fapaneng ba kopane hammoho ka khotso. Ka mohlala, ha ’mè e mong oa Paki a ne a lahlehetsoe ke mokotlana oa hae, ke ile ka nahana hore a ke ke a hlola a o bona! Empa ho e-s’o ee kae, Paki e ’ngoe e ile ea fumana mokotlana oo ’me ea o khutlisa ho se na letho le lahlehileng. Ke ne ke maketse haholo! Ke hona moo ke ileng ka bona hore kannete Lipaki li phelela seo li ithutang sona ka Bibeleng. ’Na le Evija re ile ra tsoela pele re ithuta ’me ka 1997 re ile ra kolobetsoa ’me ra ba Lipaki Tsa Jehova.

MELEMO EO KE E FUMANENG:

E meng ea metsoalle ea ka e ile ea shoa ka lebaka la ho phela bophelo bo hlaha mabelong a lithuthuthu. Ha ke ntse ke ithuta Bibele ke ile ka utloisisa hore ke na le boikarabelo ho Mofani oa bophelo, Jehova. Ho utloisisa seo ho ile ha pholosa bophelo ba ka.

’Na le Evija re ile ra thabela ho sebeletsa ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Riga ka lilemo tse ’nè. Hona joale re thabela ho hōlisa morali oa rōna Alise ’me re mo thusa hore a tsoele pele ho rata Jehova. Ke boetse ke qeta letsatsi le le leng bekeng ke thusa ho lokisa likoloi le lintho tse ling tse robehileng ofising ea phetolelo. Kea thaba ha ke khona ho sebelisa hamolemo lintho tseo ke ithutileng tsona ha ke sa le ngoana! Ke ntse ke qhaqha lintho le ho li kopanya hape.

Ka lebaka la seo ke ithutileng sona ka Bibeleng, ke thabela ho paka ka Molimo a le mong feela oa ’nete hammoho le lelapa la ka. Ruri tšepiso ea lefatše la paradeise e fetotse bophelo ba ka!