Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U ka Hlōla ho Hoheleha!

U ka Hlōla ho Hoheleha!

“Ke ne ke sa ikemisetsa ho sheba litšoantšo tsa bootsoa. Empa ha ke ntse ke kene Inthaneteng, ho ile ha hlaha papatso. Ha ke tsebe hore na ho etsahetse’ng, empa ke ile ka iphumana ke se ke e butse.”—CODY. *

“Ngoanana e mong ea motle eo ke sebetsang le eena o ile a qala ho etsa lintho tse bontšang hore o batla ho kopanela liphate le ’na. Ka letsatsi le leng o ile a re re ee hoteleng re e’o ithabisa. Ke ne ke tseba hantle hore na o ne a batla eng.”—DYLAN.

BATHO ba bang ba nka hore ho hoheloa boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate ke ntho e monate. Empa ba bang ba ho talima e le sera se leqoophe seo ba batlang ho se hlōla. Uena u re’ng? Ha u hoheloa boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate, na u lokela ho inehela kapa ho hana?

Ke ’nete hore hase lintho tsohle tse hohelang batho tse ka ba kenyang mathateng a maholo. Ka mohlala, hase hore u tla tsoa kotsi ha u ikutsoa ka ho ja kuku empa u tseba hore ha ua lokela. Empa ho ikutsoa linthong tse ling—haholo-holo tse lebisang boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate—ho baka litholoana tse bosula. Ha Bibele e re eletsa, e re: “Mang kapa mang ea febang . . . o na le pelo e haelloang; ea ho etsang o felisa moea oa hae.”—Liproverbia 6:32, 33.

Haeba ka tšohanyetso o hoheleha boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate, u lokela ho etsa’ng? Bibele e re: “Sena ke seo Molimo a se ratang, hore le halaletsoe, hore le ile bohlola [kapa boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate]. Hore e mong le e mong oa lōna a tsebe ho ruela sejana sa hae khalaletsong le tlhomphong.” (1 Bathesalonika 4:3, 4) U ka etsa joang hore u be le boikemisetso boo? Hlokomela lintho tse tharo tse ka re thusang.

Ea Pele: Lebela Mahlo a Hao

Ho sheba litšoantšo tse tsosang takatso ho tla etsa hore u be le litakatso tse fosahetseng le ho feta. Ha a hatisa hore ho na le kamano pakeng tsa ho bona le ho lakatsa, Jesu o ile a fana ka keletso ena: “E mong le e mong ea ntseng a tsoela pele ho sheba mosali e le hore a be le takatso e matla bakeng sa hae o se a febile le eena ka pelong ea hae.” A sebelisa mokhabo-puo oa pheteletso, o ile a khothalletsa sena: “Joale, haeba leihlo leo la hao le letona le etsa hore u khoptjoe, u le honye ’me u le lahlele hōle le uena.” (Matheu 5:28, 29) Ha e le hantle Jesu o  re ruta’ng? O re ruta hore haeba re batla ho hlōla lintho tse re hohellang boitšoarong bo bobe, re lokela ho nka khato hang-hang ’me re qobe ho sheba litšoantšo tse tsosang takatso.

Ha u bona litšoantšo tsa bootsoa, sheba ka thōko

Ka mohlala: Ha re re u bona khanya ea mochine o cheselletsang litšepe. Na u ne u tla lula u e shebile? Ho hlakile hore ha ho joalo! U ne u tla sheba ka thōko kapa u pate mahlo. Ka tsela e tšoanang, haeba u bona litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso libukeng, thelevisheneng kapa k’homphieutheng—sheba ka thōko hang-hang. Sireletsa kelello ea hao hore e se ke ea silafala. Juan, ea neng a lemaletse ho shebella litšoantšo tsa bootsoa, o re: “Ha ke bona mosali ea motle, hangata ke ba le takatso ea ho mo sheba hape. Kahoo, ke qobella mahlo a ka hore a shebe ka thōko, ebe ke ipolella sena: ‘Rapela Jehova! Joang kapa joang u lokela ho rapela hona joale!’ Ka mor’a hore ke rapele, takatso eo e ea fela.”—Matheu 6:9, 13; 1 Bakorinthe 10:13.

Hape, nahana ka monna ea tšepahalang, e leng Jobo, ea ileng a re: “Ke hlabile selekane le mahlo a ka. Kahoo nka ela moroetsana hloko joang?” (Jobo 31:1) Le uena u ka ikemisetsa ho etsa se tšoanang.

Leka ho etsa tjena: Haeba u bona litšoantšo tsa bootsoa, balehisa mahlo a hao kapele. Etsisa mohlala oa mongoli oa Bibele ea ileng a rapela a re: “Phemisa mahlo a ka hore a se ke a bona se se nang thuso.”—Pesaleme ea 119:37.

Ea Bobeli: Lebela Kelello ea Hao

Kaha kaofela ha rea phethahala, ka linako tse ling re ka ’na ra ba le litakatso tse fosahetseng tseo re lokelang ho li loantša. Bibele e re: “E mong le e mong o lekoa ke ho huloa le ho ekoa ke takatso ea hae. Joale takatso, ha e emere, e tsoala sebe.” (Jakobo 1:14, 15) U ka etsa joang hore u se ke ua oela lerabeng le joalo leo ho ka bang thata hore u tsoe ho lona?

Ha u e-na le menahano e fosahetseng, rapela

Ha u e-ba le litakatso tse fosahetseng, hopola hore ke uena ea ka khethang seo u batlang ho se etsa. Loantša litakatso tseo. Li ntše ka kelellong ea hao. U se ke ua itumella hore u be le menahano e fosahetseng. Monna e mong ea bitsoang Troy, ea neng a lemaletse ho shebella litšoantšo tsa bootsoa Inthaneteng, o re: “Ke ile ka leka ka matla ho loantša menahano e fosahetseng ka hore ke nahane ka lintho tse nepahetseng. Ho ne ho nyolosetsa. Ke ile ka khutlela mokhoeng oo o mobe ka makhetlo a mangata. Empa qetellong ke ile ka ithuta ho laola kelello ea ka.” Mosali e mong ea bitsoang Elsa, ea neng a  tobane le teko ea ho hoheleha boitšoarong bo bobe ha e sa le mocha, o re, “E le hore ke laole menahano e fosahetseng, ke rapela Jehova ’me ke lula ke le maphathaphathe.”

Leka ho etsa tjena: Ha u tleloa ke menahano e fosahetseng, rapela hang-hang. Loantša menahano e fosahetseng ka hore u nahane ka “lintho life kapa life tsa ’nete, lintho life kapa life tseo ho amehoang ka tsona ka botebo, lintho life kapa life tse lokileng, lintho life kapa life tse hloekileng, lintho life kapa life tse ratehang, lintho life kapa life tse buuoang hantle, bokhabane bofe kapa bofe le ntho efe kapa efe e lokeloang ke thoriso.”—Bafilipi 4:8.

Ea boraro: Qoba ho Ipeha Kotsing

Ha motho a e-ba le takatso a bile a hoheleha ho etsa ntho e itseng ’me monyetla o hlaha, ho ka ba bonolo hore a kene mathateng. (Liproverbia 7:6-23) U ka etsa joang hore u se ke ua kena mathateng?

“Ke sebelisa Inthanete feela ha ke e-na le batho ba bang”

Bibele e fana ka keletso ena e bohlale: “Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata, empa ba se nang phihlelo ba fetetse pele ’me ba tla fumana kotlo.” (Liproverbia 22:3) Kahoo, qoba ho ipeha kotsing. Nahana esale pele ka maemo a ka ’nang a u kenya mathateng ’me u oa qobe. (Liproverbia 7:25) Monna e mong ea bitsoang Filipe, ea ileng a hlōla bothata ba ho lemalla ho sheba litšoantšo tsa bootsoa, o re: “Ke behile k’homphieutha eo re e sebelisang lapeng moo mang kapa mang a ka e bonang ebile ke kentse software e thibelang lipapatso tse hlahisang litšoantšo tsa bootsoa. Hape, ke sebelisa Inthanete feela ha ke e-na le batho ba bang.” Ka ho tšoanang, Troy, eo ho builoeng ka eena pejana, o re: “Ke qoba ho shebella lifilimi tse tsosang takatso le ho lula le batho ba buang ka ho kopanela liphate ka tsela e se nang tlhompho. Ha ke batle ho ipeha boemong bo kotsi.”

Leka ho etsa tjena: Itlhahlobe ka botšepehi hore na u fokola hokae ebe u itokisa esale pele hore u qobe maemo a ka ’nang a etsa hore u hohelehe boitšoarong bo bobe.—Matheu 6:13.

U SE KE UA TELA!

U tla etsa’ng haeba ho sa tsotellehe boiteko bo matla boo u bo etsang u ntse u oela boitšoarong bo bobe? U se ke ua nyahama, tsoela pele u ntse u leka. Bibele e re: “Ea lokileng a ka ’na a oa esita le ka makhetlo a supileng, ’me ka sebele o tla ema.” (Liproverbia 24:16) Ka sebele, Ntate oa rōna ea leholimong o re khothalletsa hore re ‘eme.’ Na u tla lumela hore a u thuse ka lerato? Kahoo, u se ke ua khathala ho mo rapela. Matlafatsa tumelo ea hao ka hore u bale Lentsoe la hae. Bontša hore u ikemiselitse ho etsa se nepahetseng ka hore u ee libokeng tsa Bokreste. Khothatsoa ke seo Molimo a se buang, ha a re: “Ke tla u matlafatsa. Ka sebele ke tla u thusa.”—Esaia 41:10.

Cody, eo ho builoeng ka eena qalong, o re: “Ke ile ka loana ntoa ea khumamela hore ke hlōle bothata ba ho sheba litšoantšo tsa bootsoa. Ke ile ka hlōleha ka makhetlo a mangata, empa qetellong ka thuso ea Molimo ke ile ka atleha.” Dylan, eo le eena ho builoeng ka eena pejana, o re: “Ho ka be ho bile bonolo hore ke kopanele liphate le ngoanana eo ke sebetsang le eena. Empa ke ile ka ema ke tiile eaba ke re ‘Che!’ Hoa thabisa ho ba le letsoalo le hloekileng. Ntho ea bohlokoa le ho feta ke hore kea tseba hore Jehova o motlotlo ka ’na.”

Ha u ema u tiile ’me u loanela hore u se ke ua hoheleha ho etsa lintho tse fosahetseng, u ka kholiseha hore le uena Molimo o tla ba motlotlo ka uena!—Liproverbia 27: 11.

^ ser. 2 Mabitso a fetotsoe sehloohong sena.