Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE | NA EHLILE SATANE O TENG?

Na ehlile Satane o teng?

Na ehlile Satane o teng?

Seemahale se Madrid, Spain, se bontšang hore Satane ke lengeloi le litšila

“Ke hōletse naheng ea El Salvador. Ha ke sa mamele ’mè o ne a atisa hore, ‘Diabolose o tlo u nka!’ Ke ne ke ee ke mo arabe ke re, ‘Ha a tle!’ Ke ne ke lumela ho Molimo eseng ho Satane.”—ROGELIO.

Na le uena u lumellana le Rogelio? Ke maikutlo afe ho a latelang ao u nkang hore aa utloahala?

  • Satane hase motho oa sebele; e mpa feela e le tšoantšetso ea bobe.

  • Satane ke motho oa sebele, leha ho le joalo, ha a na taba le batho.

  • Satane ke sebōpuoa se matla sa moea ’me o na le tšusumetso e mpe ho batho.

Batho ba bangata ba tšehetsa o mong oa menahano e ka holimo. Empa na ho na le taba hore na ke maikutlo afe a nepahetseng? Haeba Satane hase ha a eo, seo se bolela hore batho ba lumelang hore o teng ba lahlehile. Haeba Satane o teng empa ha a na taba le batho, seo se bolela hore batho ba bangata ba tšaba ntho eo ba sa e tsebeng. Leha ho le joalo, haeba Satane ke mothetsi ea bolotsana, o kotsi ho feta kamoo batho ba bangata ba nahanang kateng.

A re ke re hlahlobeng hore na Mangolo a Halalelang a arabela lipotso tsena joang: Na Satane ke tšoantšetso ea bobe kapa ke sebōpuoa sa moea? Haeba Satane o teng, na a ka u ntša kotsi? Haeba ho joalo, u ka itšireletsa joang khahlanong le eena?