Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

MOQOQO LE MOAHELANI

’Muso oa Molimo o Qalile Neng ho Busa? (Karolo ea 2)

’Muso oa Molimo o Qalile Neng ho Busa? (Karolo ea 2)

Ena ke tsela e tloaelehileng eo ka eona Paki ea Jehova e ka qoqang le moahelani. A re nke hore Paki e bitsoang Cameron e boetse e etetse Jon.

HO IKHOPOTSA TORO EA NEBUKADNEZARE

Cameron: Ke thabela ho u bona hape. Kea natefeloa kamehla ha re ithuta Bibele. * U ntse u ea joang?

Jon: Re ntse re ikela ha ho molato.

Cameron: Ke thabela ho utloa seo. Nakong e fetileng re ile ra buisana ka hore na ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li re ’Muso oa Molimo o qalile ho busa ka 1914. * Ha re ntse re qoqa re ile ra fumana ntlha ea bohlokoa boprofeteng bo lengolong la Daniele khaolo ea 4. Ua hopola hore na le re’ng?

Jon: Le bua ka toro ea Morena Nebukadnezare e mabapi le sefate se seholo.

Cameron: U nepile. Nebukadnezare o ile a bona sefate se seholo se fihlang leholimong. O ile a utloa lentsoe le reng sefate se rengoe, empa kutu ea sona e siuoe fatše. Ka mor’a “linako tse supileng,” sefate se ne se tla boela se hōle. * Re boetse re buisane ka hore na ke hobane’ng ha re ka re boprofeta bona bo phethahetse ka litsela tse peli. Ua hopola hore na tsela ea pele ke efe?

Jon: Ke sa re u itse bo phethahetse ho Nebukadnezare. O ile a lahleheloa ke kelello ka lilemo tse supileng.

Cameron: Ho joalo. Kaha Nebukadnezare o ile a lahleheloa ke kelello ka nakoana, bobusi ba hae bo ile ba sitisoa. Empa ho phethahala ha boprofeta bona ka tsela e khōloanyane ho ne ho tla bolela hore bobusi ba Molimo bo tla sitisoa ka linako tse supileng. Joalokaha re bone, linako tse supileng li ile tsa qala ha Jerusalema e timetsoa ka 607 B.C.E. Ho tloha ka nako eo, ha hoa ka ha hlola ho e-ba le marena a emelang bobusi ba Jehova Molimo lefatšeng. Leha ho le joalo, qetellong ea linako tse supileng, Molimo o ne a tla khetha ’Musi e mocha leholimong hore a buse sechaba sa hae. Ka mantsoe a mang, ’Muso oa Molimo oa leholimong o ne o tla qala ho busa ha linako tse supileng li fela. Re se re bone hore na linako tse supileng li qalile neng. Kahoo haeba re ka fumana hore na li nkile nako e kae, re tla tseba hore na ’Muso oa Molimo o qalile neng ho busa. Ke lumela hore re ntse re le ’moho.

Jon: Banna! ka ba ka hopola lintlha tseo re ithutileng tsona nakong e fetileng.

Cameron: Ke thabela ho utloa seo. Joale a re bone hore na linako tse supileng ke lilemo tse kae. Ke sa tsoa ikhopotsa lintlha tsa sehlooho tse mabapi le taba ena. Ke tla leka kahohle ho u hlalosetsa tsona ka tsela e hlakileng.

Jon: Kea leboha.

HO FELA HA LINAKO TSE SUPILENG HO BOLELA HO QALA HA MATSATSI A HO QETELA

Cameron: Ha boprofeta bona bo ne bo phethahala ho Nebukadnezare, linako tse supileng e ile ea e-ba lilemo tse supileng. Empa ha bo phethahala ka tsela e khōloanyane mabapi le ’Muso oa Molimo, e tlameha ebe linako tse supileng li feta lilemo tse supileng hōle.

Jon: Ke hobane’ng ha u rialo?

Cameron: Ka mohlala, hopola hore linako tse supileng li qalile ha Jerusalema e timetsoa ka 607 B.C.E. Ho tloha ka nako eo, lilemo tse supileng li ne li tla fela ka 600 B.C.E. Empa selemong seo, ha ho letho la bohlokoa le ileng la etsahala le mabapi le bobusi ba Molimo. Ho feta moo, joalokaha re buisane pele, lilemong tse makholo ka mor’a moo ha Jesu a le lefatšeng, o ile a bontša hore linako tse supileng li ne li e-s’o fele.

Jon: Ekare kea hopola joale.

Cameron: Ka linako tse ling boprofeteng ba Bibele, letsatsi le emela selemo. * Kahoo, linako tse supileng hase lilemo tse supileng tsa sebele empa e tlameha ebe ke nako e teletsana ho moo.

Jon: E telele hakae?

Cameron: Lengolo la Tšenolo le amanang le la Daniele le re thusa ho fumana hantle hore na linako tse supileng ke lilemo tse kae. Le bontša hore linako tse tharo le halofo li lekana le matsatsi a 1 260. * Kahoo, linako tse supileng e leng linako tse tharo le halofo ka makhetlo a mabeli ke matsatsi a 2 520. Na re sa ntse re le ’moho?

Jon: E, kea utloa. Empa ha ke utloisise hore na sena se bontša joang hore ’Muso oa Molimo o qalile ho busa ka 1914.

Cameron: A re bone hore na lintlha tsena li amana joang. Haeba re nka hore letsatsi le emela selemo, linako tse supileng ke lilemo tse 2 520. Lilemo tse 2 520 ho tloha ka 607 B.C.E., li re fihlisa ho 1914. * Ke kamoo re fumanang 1914, selemo seo linako tse supileng li felileng ka sona, e leng nako eo Jesu a qalileng ho busa e le Morena oa ’Muso oa Molimo. Ho totobetse hore ho tloha ka 1914, ho na le liketsahalo tse khōlō tse ileng tsa etsahala lefatšeng tseo Bibele e boletseng esale pele hore li tla etsahala matsatsing a ho qetela.

Jon: Ke liketsahalo life?

Cameron: Hlokomela hore na Jesu o ile a re’ng ho Matheu 24:7. Ha Jesu a bua ka nako eo a neng a tla qala ho busa ka eona leholimong, o ile a re: “Sechaba se tla tsohela sechaba matla le ’muso o tla tsohela ’muso matla, ’me ho tla ba le likhaello tsa lijo le litšisinyeho tsa lefatše sebakeng se seng ka mor’a se seng.” Hlokomela hore Jesu o ile a bolela esale pele hore nakong eo ho tla ba le litlala le litšisinyeho tsa lefatše. Ka sebele lefatše le ’nile la oeloa ke litlokotsi tse joalo lilemong tse lekholo tse fetileng, na ha ho joalo?

Jon: Ho joalo.

Cameron: Temaneng ena Jesu o ile a boela a bolela esale pele hore ho tla ba le lintoa ha e se e le Morena oa ’Muso oa Molimo. Lengolo la Tšenolo le boletse esale pele hore nakong ea bofelo, lintoa li tla ba teng lefatšeng lohle eseng libakeng tse itseng feela. * Na u sa hopola hore na ntoa ea pele ea lefatše e qalile neng?

Jon: Sena se etsahetse ka 1914, e leng sona selemo seo u reng Jesu o qalile ho busa ka sona. Ke ne ke ntse ke sa bone hore lintho tsena tse peli lia amana.

Cameron: Ha re kopanya boitsebiso bona kaofela, e leng boprofeta bo mabapi le linako tse supileng hammoho le boprofeta bo bong ba Bibele bo mabapi le nako ea bofelo, ka sebele boa utloahala. Lipaki Tsa Jehova li kholisehile hore Jesu o qalile ho busa e le Morena oa ’Muso oa Molimo ka 1914, le hore matsatsi a ho qetela a qalile ka sona selemo seo. *

Jon: Ke sa ntse ke leka ho utloisisa taba ena.

Cameron: Ke utloisisa hantle. Joalokaha ke boletse, le ’na ke nkile nako e telele pele ke e utloisisa ka ho feletseng. Empa, kea tšepa hore moqoqo oa rōna o u thusitse ho bona hore le hoja selemo sa 1914 se sa hlahe ka Bibeleng, seo Lipaki Tsa Jehova li se lumelang mabapi le sona se thehiloe ka Bibeleng.

Jon: Ho joalo, kamehla kea hlolloa ha ke bona hore lintho tsohle tseo le li buang li tsoa ka Bibeleng. Ha le ipuele feela tjee. Leha ho le joalo, kea ipotsa hore na ke hobane’ng ha taba ena e le thata hakana. Ke hobane’ng ha Molimo a sa re bolella ka ho toba ka Bibeleng hore Jesu o ne a tla qala ho busa ka 1914?

Cameron: U botsitse potso e ntle haholo Jon. Ha e le hantle ho na le lintho tse ngata tseo Bibele e sa li bolelang ka ho toba. Kahoo ke hobane’ng ha Molimo a entse hore Bibele e ngoloe ka tsela e hlokang hore batho ba sebetse ka thata hakaale ho e utloisisa? Eseng re tle re qoqe ka taba eo nakong e tlang?

Jon: Ho lokile.

Na u na le potso e amanang le Bibele? Na u labalabela ho tseba ho itseng ka tumelo ea Lipaki Tsa Jehova kapa tsela eo li etsang lintho ka eona? Haeba ho joalo, u se ke ua ba leqe ho botsa e mong oa Lipaki Tsa Jehova. A ka thabela ho u araba.

^ ser. 5 Lipaki Tsa Jehova li na le lenaneo la ho ithuta Bibele le batho li sa ba lefise.

^ ser. 7 Sheba sehlooho se reng “Moqoqo le Moahelani—’Muso oa Molimo o Qalile Neng ho Busa?—Karolo ea 1” se hlahang Molula-Qhooeng oa October 1, 2014.

^ ser. 24 Sheba chate ea sehlooho se reng “Kamoo Toro ea Nebukadnezare e Amanang le ’Muso oa Molimo.”