SEHLOOHO SE KA NTLE | ’MUSO O SE NANG BOBOLU
’Musong oa Molimo —Ho ke ke ha E-ba le Bobolu
Ha mohlahlobi e moholo oa libuka tsa lichelete tsa naha ea Nicaragua a hlalosa hore na ke hobane’ng ha a nahana hore bobolu ’musong bo ke ke ba fela, o ile a re: “Kaha bahlanka ba ’muso ke karolo ea sechaba, ha baahi ba tletse bobolu, le bona ba tla etsa bobolu.”
Na hase ho utloahalang hore ha baahi ba tletse bobolu ’muso le oona o tlala bobolu? Haeba seo ke ’nete, ho hlakile hore ’muso o se nang bobolu e ke ke ea e-ba oa batho. Bibele e re ke ’Muso oa Molimo, e leng ’muso oo Jesu a ileng a ruta balateli ba hae ho o rapella.—Matheu 6:9,10.
’Muso oa Molimo ke puso ea sebele e busang e le leholimong. O tla nkela mebuso eohle ea batho sebaka. (Pesaleme ea 2:8,9; Tšenolo 16:14; 19:19-21) E ’ngoe ea lintho tseo ’Muso oa Molimo o tla li etsetsa batho ke ho felisa bobolu. Nahana ka lintlha tse tšeletseng tse ka re kholisang hore ’Muso oa Molimo o tla felisa bobolu.
1. MATLA
BOTHATA: Maemong a mangata mebuso ea batho e fumana chelete ha baahi ba lefa lekhetho. Chelete ena ea lekhetho e beha bahlanka ba ’muso tekong ea ho utsoa, ’me ba bang ba amohela tjotjo hore ba theole lekhetho kapa chelete eo moahi a lokelang ho e lefa ’muso. Sena se ka ’na sa etsa hore ’muso o nyolle lekhetho e le hore o fumane chelete e eketsehileng, ebe bobolu boa eketseha. Boemong bo joalo, batho ba tšepahalang ba hula ka thata.
THAROLLO: ’Muso oa Molimo o fumana matla ho Molimo ea matla ’ohle e leng Jehova. * (Tšenolo 11:15) Ha o tsamaisoe ka chelete ea lekhetho e bokelloang ho baahi. Ho e-na le hoo, “bonatla ba [Molimo] bo boholo” le ho fana ha hae ka seatla se bulehileng ke hona ho re tiisetsang hore ’Muso oa Molimo o tla khotsofatsa bafo ba oona.—Esaia 40:26; Pesaleme ea 145:16.
2. MOETA-PELE
BOTHATA: Susan Rose-Ackerman, eo ho builoeng ka eena sehloohong se fetileng o re: “Ba boholong ke bona ba pele ba lokelang ho felisa bobolu.” Baahi ha ba tšepe ’muso haeba o leka ho felisa bobolu mapoleseng le ho bahlanka ba lekhetho empa o tlohella bahlanka ba ’muso ba maemong a holimo ba iketsetsa borata. Esita le baeta-pele ba itšoereng hantle ha baa phethahala. Bibele e re: “Ha ho motho ea lokileng lefatšeng ea tsoelang pele ho etsa se molemo.”—Moeklesia 7:20.
Jesu o ile a hana ho nka tjotjo e tōma ka ho fetisisa e kileng ea fanoa
THAROLLO: Ho fapana le batho ba sa phethahalang, Moeta-pele oa ’Muso oa Molimo e leng Jesu Kreste a ke ke a lekeha hore a etse se fosahetseng. O ile a bontša sena ka ho hana ha Satane a ne a mo qekisa ka hore o tla mo fa “mebuso eohle ea lefatše le khanya ea eona.” Diabolose o ne a re a ka mo fa lintho tsena haeba a ka mo rapela leha e ka ba hanngoe feela. (Matheu 4:8-10; Johanne 14:30) Esita leha a bolaoa, Jesu o ne a ikemiselitse ho lula a tšepahala hoo a ileng a hana ho sebelisa sethethefatsi se neng se ka kokobetsa bohloko empa sa mo sitisa ho nahana ka tsela e molemo. (Matheu 27:34) Molimo o mo tsositse hore a e’o phela leholimong, kaha o ipakile ka ho lekaneng hore oa tšoaneleha hore e be moeta-pele oa ’Muso oa Molimo.—Bafilipi 2:8-11.
3. BOTSITSO
BOTHATA: Linaha tse ngata li tšoara likhetho khafetsa, e leng se fang baahi monyetla oa ho leleka baeta-pele ba tletseng bobolu. Empa ’nete ke hore matšolo a ho iketela likhetho a tletse bobolu, esita le linaheng tseo ho thoeng li tsoetse pele. Kaha barui ba tšehetsa mekha e itseng ea lipolotiki ka lichelete nakong ea matšolo a ho iketela likhetho, seo se ka etsa hore lentsoe la bona le haheloe lesaka ha ho khethoa moeta-pele.
Moahloli oa mehleng oa Lekhotla le Phahameng la United States, John Paul Stevens o ile a ngola hore tšusumetso e joalo e fokolisa “matla le boleng ba Puso ebile e etsa hore baahi ba se ke ba tšepa ’muso.” Ha ho makatse hore ebe batho bangata ba nka hore mekha ea lipolotiki ke eona mekhatlo e tletseng bobolu ka ho fetisisa.
THAROLLO: ’Muso oa Molimo o tla felisa bobolu bo etsoang matšolong a ho iketela likhetho, kaha oona ke ’Muso o tsitsitseng o tla busa ka ho sa feleng. (Daniele 7:13, 14) Kaha Moeta-pele oa oona o khethiloe ke Molimo, ha ho hlokahale hore ho tšoaroe likhetho e le hore ’Muso oo o buse kapa o tlosoe. Kaha o tla busa ho-ea-ho-ile, o tla tsoela batho molemo ka nako e telele.
4. MELAO
BOTHATA: E ka ’na eaba u nahana hore ho etsa melao e mecha ho ka fokotsa bobolu. Leha ho le joalo, maemong a mangata litsebi li re ho etsa melao e mengata ho eketsa menyetla ea hore batho ba etse bobolu. Ho phaella moo, ho etsa melao, haholo-holo e reretsoeng ho fokotsa bobolu ho ja chelete empa ha ho behe litholoana.
THAROLLO: Melao ea ’Muso oa Molimo e phahametse ea mebuso ea batho hōle. Ka mohlala, ho e-na le hore Jesu a behele batho letoto la lintho tseo ba lokelang ho li etsa le tseo ba sa lokelang ho li etsa, o ile a fana ka seo hangata ho thoeng ke Molao oa Khauta. O ile a re: “Ka hona, lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona.” (Matheu 7:12) Habohlokoa le ho feta ke hore melao ea ’Muso oa Molimo e khona ho laola monahano le liketso tsa motho. Jesu o ile a re: “U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.” (Matheu 22:39) Kaha Molimo o bona se ka lipelong tsa batho, a ka etsa bonnete ba hore batho ba mamela melao ea hae.—1 Samuele 16:7.
5. SEPHEO
BOTHATA: Ntho e susumelletsang batho ho etsa bobolu ke meharo le boithati. Hangata bahlanka ba ’muso le baahi ka kakaretso ba na le litšobotsi tseo. Ha mohaho oa lebenkele o oa Seoul joalokaha ho boletsoe sehloohong se fetileng, bahlanka ba ’muso ba ile ba amohela tjotjo kaha ba ne ba tseba hore ho ne ho tla ba bobebe hore k’hamphani ea mehaho e ntše tjotjo ho e-na le ho sebelisa thepa e nepahetseng le ho latela melao ea kaho.
E le hore bobolu bo fele, batho ba lokela ho rutoa ho loantša ho ba meharo kapa ho ba le moea oa boithati. Leha ho le joalo, mebuso ea batho e hulanya maoto ebile ha e khone ho ruta batho seo.
THAROLLO: ’Muso oa Molimo o fothola bobolu ka metso ka hore o rute batho ho loantša boikutlo bo ka ba susumelletsang ho bo etsa. * Thuto ena e ba thusa hore ba “nchafale matleng a susumetsang likelello tsa [bona].” (Baefese 4:23) Ba ithuta ho khotsofala le ho nahanela ba bang.—Bafilipi 2:4; 1 Timothea 6:6.
6. BAFO
BOTHATA: Leha batho ba ka rutoa hantle ba ba ba phela tikolohong e se nang bobolu, ba bang ba ka ikhethela ho se tšepahale. Litsebi lia lumela hore lena ke lona lebaka le etsang hore mebuso ea batho e hlōlehe ho felisa bobolu. Mebuso e lumela hore ho e-na le ho felisa bobolu e ka mpa ea bo fokotsa feela.
THAROLLO: Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng o Khahlanong le Bobolu o re mebuso e ka loantša bobolu ka ho khothalletsa batho “ho tšepahala, ho ba le ’nete le ho ba le boikarabelo.” Le hoja seo e le sepheo se setle, ’Muso oa Molimo ha o khothalletse feela hore ba bafo ba oona ba be le litšobotsi tseo, empa ba tlameha ho ba le tsona. Bibele e re “batho ba meharo” le “ba leshano” ba ke ke ba ba teng ’Musong oa Molimo.—1 Bakorinthe 6:9-11; Tšenolo 21:8.
Batho ba ka ithuta ho phela ka melao ena, feela joalokaha Bakreste ba mehleng ea khale ba ile ba etsa. Ka mohlala, ha morutuoa ea bitsoang Simone a leka ho reka mpho ea moea ho baapostola, ba ile ba hana ho nka tjotjo ’me ba re ho eena: “Bakela bobe bona ba hao.” Hang ha Simone a lemoha kotsi ea takatso eo ea hae, o ile a kōpa baapostola hore ba mo rapelle e le hore a ka e hlōla.—Liketso 8:18-24.
SEO U KA SE ETSANG HORE U BE MOFO OA ’MUSO OA MOLIMO
Ho sa tsotellehe hore na u tsoa naheng efe, u na le monyetla oa ho ba mofo oa ’Muso oa Molimo. (Liketso 10:34, 35) Thupelo ea ’Muso oa Molimo e fanoang lefatšeng ka bophara e ka u thusa hore u bone hore na ke’ng seo u lokelang ho se etsa. Lipaki Tsa Jehova li ka thabela ho u bontša hore na li ithuta Bibeleng joang le batho ka nako e ka etsang metsotso e leshome ka beke li sa ba lefise. E ’ngoe ea lintho tseo u ka ithutang tsona ke “litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo,” le hore na o tla etsa’ng ho felisa bobolu. (Luka 4:43) Re kōpa o ikopanye le Lipaki tsa sebakeng sa heno kapa u kene Websaeteng ea jw.org.
^ ser. 8 Jehova ke lebitso la Molimo le hlahang ka Bibeleng.
^ ser. 22 Ka mohlala, sheba sehlooho se reng “Na Hoa Khoneha ho Tšepahala Lefatšeng le Tletseng Bobolu?” Molula-Qhoeeng oa October 1, 2012.