Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re Batho ba Momahaneng

Re Batho ba Momahaneng

Daonlouda:

  1. 1. Ke leo leru le tšosang.

    Mathat’a qalile.

    Se re hlorisoa hape

    Feela joaloka pele.

    Empa re tla ba sebete,

    Re tšepile Jehova.

    Sebetsa leha e le sefe

    Se ke ke sa atleha!

    (K’HORASE)

    Re batho ba momahaneng,

    Re tsoa lichabeng tsohle.

    Re eme re tiile ’moho.

    Jehova oa re thusa.

    Jehova oa re thusa.

  2. 2. Re kopane hammoho.

    Re emetse Jehova

    Molimo oa poloko

    Ea nang le lerato.

    A ke ke a re furalla.

    Moea oa hae o matla.

    Lira ha li na re hlola.

    Rona re ba Jehova!

    (K’HORASE)

    Re batho ba momahaneng,

    Re tsoa lichabeng tsohle.

    Re eme re tiile ’moho.

    Jehova oa re thusa.

    (BOROKHO)

    Rea tšehetsana.

    Rona ha re makoala.

    Re tšepahalla Jehova,

    Ha re na sisinyeha.

    (K’HORASE)

    Re batho ba momahaneng,

    Re tsoa lichabeng tsohle.

    Re eme re tiile ’moho.

    Jehova oa re thusa.

    Jehova oa re thusa.