Fetela boitsebisong

21 MARCH, 2017
RUSSIA

Lipaki Tsa Jehova li Etsa Letšolo la ho Ngola Mangolo Lefatšeng ka Bophara e le ho Thusa Lipaki Tsa Russia

Lipaki Tsa Jehova li Etsa Letšolo la ho Ngola Mangolo Lefatšeng ka Bophara e le ho Thusa Lipaki Tsa Russia

NEW YORK—’Muso oa Russia o batla ho thibela Lipaki Tsa Jehova tsa naheng eo. Kahoo, Lipaki li batla ho ngola mangolo a hlahang lefatšeng ka bophara e le ho ipiletsa ho ’muso hammoho le ho Lekhotla le Phahameng hore thibelo eo e se ke ea etsoa. Sehlopha se Busang se kopa hore Lipaki tsohle lefatšeng, tse fetang limilione tse robeli, li kenelle letšolong lena.

Ka la 15 March, 2017, Lekala la Toka la Russia le ile la qosa Lipaki Tsa Jehova Lekhotleng le Phahameng la Russia ka hore li feteletsa litaba ka tsela e kotsi. Kahoo, Ofisi ea Lekala e lokela ho khaotsa tšebetso e be e koaloe. Haeba Lekhotla le Phahameng le ka liha nyeoe khahlanong le Lipaki Tsa Jehova, Ofisi ea Lekala e St. Petersburg e tla koaloa. Ka lebaka leo, likereke tse ling tse ka bang 400 hammoho le liphutheho tsa Lipaki Tsa Jehova tse fetang 2 300 tse Russia li tla emisa tšebetso. Makala a Lipaki hammoho le liholo tsa tsona li ka nkuoa ke ’Muso. Hape, Lipaki li ka qosoa ka lebaka feela la ho tšoara liboka kapa ho ea tšimong. Lekhotla le Phahameng le tla lula ka la 5 April.

’Muelli oa Ntlo-kholo ea Lipaki Tsa Jehova e leng David A. Semonian o re: “Litho tsa Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova li batla hore taba ena e tsebahale kaha e bohlokoa. Ho qosa batho joalokaha eka ke linokoane empa ba sa loane ba bile ba hlompha melao ea naha ke ho sebelisa molao hampe. Liqoso tseo ke tsa bohata.”

Letšolo lena la lefatše ka bophara ha le qale ho etsoa. Lilemong tse ka bang 20 tse fetileng, Lipaki li ile tsa ngola e le ho emela Lipaki-’moho le tsona tse Russia ka lebaka la liqoso tsa bohata tse ileng tsa etsoa ke batho ba pusong ka nako eo. Lipaki li ile tsa boela tsa ngola mangolo ana e le hore batho ba pusong ba se ke ba hlorisa Lipaki tse linaheng tse kang Jordan, Korea le Malawi.

David Semonian o re: “Ho bala Bibele, ho bina le ho rapela le balumeli-’moho le rona ha se tlolo ea molao. Re na le tšepo ea hore letšolo lena la ho ngola mangolo le tla etsa hore ’Muso oa Russia o khaotse ho hlokela Lipaki Tsa Jehova toka.”

Bakeng sa lintlha tse eketsehileng, letsetsa:

International: David A. Semonian, Office of Public Information, +1-845-524-3000

Russia: Yaroslav Sivulskiy, +7-812-702-2691