Fetela boitsebisong

LA 9 NOVEMBER, 2012
UNITED STATES

Leholiotsoana Sandy le Otla Lebōpo le ka Bochabela la United States

Leholiotsoana Sandy le Otla Lebōpo le ka Bochabela la United States

NEW YORK—Ka la 29 October, 2012, Leholiotsoana Sandy le ile la baka tšenyo e khōlō libakeng tse ngata ho pholletsa le Lebōpo le ka Bochabela la United States. Lipaki Tsa Jehova li sebetsa le ba boholong sebakeng seo ho thusa balumeli-’moho le tsona hammoho le batho ba bang ba anngoeng ke koluoa eo.

Lipaki tse ka bang 200 000 li lula libakeng tse anngoeng ke koluoa. Ha ho na Lipaki tse shoeleng sebakeng se anngoeng haholo ke koluoa, empa e le ’ngoe e tsoile likotsi tse fokolang. Georgia, moea o matla o ile oa khaola lekala la sefate, ’me la ntša ngoana eo batsoali ba hae ba kopanelang le Lipaki Tsa Jehova likotsi tse mpe. Ha ho ne ho etsoa tlaleho ena, ngoana eo o ne a ntse a le maemong a mabe. Lipaki tsa sebakeng seo le tse ileng tsa utloa ka kotsi eo mecheng ea liphatlalatso, li ntse li tšehetsa lelapa labo ngoana eo.

Leholiotsoana leo le khaotse mehala ea lifono libakeng tse ngata. Ha mecha ea puisano e se e lokisitsoe, ho tla tsejoa hantle hore na koluoa eo e bakile tšenyo e kae.

Tlaleho ea pele e tsoang ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e United States, e bontša hore ha ho na batho ba ileng ba shoa ketsahalong eo, empa a le mong o ile a tsoa likotsi tse fokolang. Sefefo se bakile tšenyo e nyenyane ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova Brooklyn, New York. Karolo e ka pele ea mohaho o mong e ile ea fefoloa ke lifefo tse matla empa ha se ke ha e-ba le motho ea tsoang kotsi. Motlakase o ile oa khaoha mehahong ea liofisi tsa makala Patterson le Wallkill, New York, ’me ho ile ha sebelisoa jenereithara ka nakoana; leha ho le joalo, Warwick ho ntse ho sebelisoa jenereithara. Sefefo seo se ile sa boela sa khaola mehala ea lifono mehahong ena.

Tlaleho ea pele e ile ea boela ea bontša hore: matlo a 12 a borapeli a sebelisoang ke Lipaki, a bitsoang Liholo Tsa ’Muso, a ile a senngoa hampe ke likhohola kapa meea e matla; matlo a 219 a Lipaki a ile a senyeha hampe, a 169 ha aa ka a senyeha hampe hakaalo, ’me a 710 a senyehile hanyenyane. Lihlopha tse ’maloa tsa Lipaki libakeng tsena li itokiselitse ho thusa ka liphallelo nakong ea koluoa, ’me li ntse li hlophisa le ba boholong hore li fe barapeli-’moho le tsona hammoho le batho ba bang ba anngoeng ke koluoa lintho tseo ba li hlokang.

Kaha ho ne ho lebeletsoe hore ho tla ba le leholiotsoana, liphutheho tsa Lipaki Tsa Jehova li ile tsa kōptjoa hore li fumane libaka tse sireletsehileng tseo li tla balehela ho tsona, e le hore li itšireletse ho lona. Lipaki tse fetang 1 100, li ile tsa ntšoa matlong a tsona pele sefefo se qala. Lipaki tsa sebakeng seo li amohela barapeli-’moho le tsona ba ntšitsoeng matlong le bao e seng e le nako e telele matlo a bona a se na motlakase.

Baithaopi ba Lipaki ba sebetsa ka mafolofolo ho thusa balumeli-’moho le bona ka lintho tseo ba li hlokang, ’me ba tla tsoela pele ho etsa joalo hafeela ho hlokahala. J. R. Brown, e leng ’muelli oa Lipaki ea leng ntlo-khōlō ea tsona, o re: “Re tšoenyehile haholo ka batho ba anngoeng ke koluoa ena e ammeng batho ba bangata. Re thabisoa ke hore re khona ho thusa ba bang, haholo-holo barapeli-’moho le rōna ba anngoeng ke sefefo sena se matla. Re lula re nahana ka bona le ho ba rapella.”

Raliphatlalatso:

J. R. Brown, Ofisi ea Boitsebiso, tel. +1 718 560 5000