Fetela boitsebisong

Jehova ke Mang?

Jehova ke Mang?

Karabo ea Bibele

 Jehova ke Molimo oa ’nete eo ho buuoang ka eena ka Bibeleng le ’Mopi oa lintho tsohle. (Tšenolo 4:​11) Ke Molimo eo Abrahama, Moshe le Jesu ba ileng ba mo rapela. (Genese 24:​27; Exoda 15:​1, 2; Johanne 20:​17) Ha se Molimo oa batho ba morabe o itseng feela empa ke Molimo oa batho ba ‘lefatšeng lohle.’​—Pesaleme ea 47:2.

 Jehova ke lebitso la Molimo le boletsoeng ka Bibeleng. (Exoda 3:​15; Pesaleme ea 83:​18) Le tsoa leetsing la Seheberu le bolelang “ho ba,” ’me litsebi tse ngata tsa Bibele li lumela hore lebitso lena le bolela “O Etsa Hore ho be.” Tlhaloso ena e tšoanela Jehova hobane ke ’Mopi ebile o phetha merero eohle ea hae. (Esaia 55:​10, 11) Bibele e re thusa hore re tsebe hore na Jehova ke Molimo ea joang. E re bolella hore ke Molimo ea lerato.​—Exoda 34:​5-7; Luka 6:​35; 1 Johanne 4:8.

 Ka Seheberu, lebitso la Molimo ke litlhaku tse ’ne e leng יהוה (YHWH), tse tsebahalang e le Tetragrammaton. Ka Sesotho lebitso lena ke Jehova. Ha ho tsebahale hantle hore na lebitso lena le ne le bitsoa joang ka Seheberu sa mehleng ea khale. Leha ho le joalo, e se e le nako e telele batho ba tseba lebitso lena “Jehova” ka Senyesemane. Le ile la hlaha ka lekhetlo la pele Bibeleng e fetoletsoeng ke Tyndale ka 1530. a

Ke hobane’ng ha ho sa tsejoe hore na lebitso la Molimo le ne le bitsoa joang ka Seheberu sa mehleng ea khale?

 Seheberu sa mehleng ea khale se ne se sa sebelise liluma-nosi ha se ngoloa empa se ne se sebelisa lilumisoa feela. Ha motho ea neng a tseba Seheberu a bala, o ne a ikenyetsa liluma-nosi tse loketseng. Leha ho le joalo, ka mor’a hore Mangolo a Seheberu (Testamente ea Khale) a qetoe ho ngoloa, Bajuda ba ile ba e-ba le tumelo e fosahetseng ea hore ke phoso ho bitsa lebitso la Molimo e leng Jehova. Ha ba ne ba balla holimo mangolo a nang le lebitso la Molimo, ba ne ba sa le bitse empa ba ne ba kenya “Morena” kapa “Molimo.” Ha lilemo li ntse li feta, tumelo eo e fosahetseng e ile ea ata eaba batho ba qetella ba sa tsebe hore na lebitso la Molimo le lokela ho bitsoa joang. b

 Batho ba bang ba re lebitso leo le ne le bitsoa “Yahweh,” ha batho ba bang bona ba re le ne le bitsoa ka litsela tse ling tse fapaneng. Moqolo o fumanoeng Leoatleng le Shoeleng o nang le karolo ea lengolo la Levitike ka puo ea Segerike, o fetoletse lebitso leo e le Iao. Bangoli ba khale ba Segerike ba ne ba re lebitso la Molimo le bitsoa Iae, I·a·beʹ, le I·a·ou·eʹ, empa ho ntse ho se na bopaki ba hore le ne le bitsoa joalo ka Seheberu sa khale-khale. c

Maikutlo a fosahetseng ka lebitso la Molimo le hlahang ka Bibeleng

 Maikutlo a fosahetseng: Batho ba fetoletseng Libibele tse nang le lebitso “Jehova” ba ikenyelitse lona.

 Seo e leng ’nete: Lentsoe la Seheberu le emelang lebitso la Molimo ka sebopeho sa Tetragrammaton le hlaha ka makhetlo a ka bang 7 000 ka Bibeleng. d Liphetolelo tse ngata li tlosa lebitso la Molimo ka mabaka a sa utloahaleng ebe bakeng sa lona ba sebelisa lentsoe “Morena.”

 Maikutlo a fosahetseng: Molimo Ea Matla ’Ohle ha a hloke lebitso le khethehileng.

 Seo e leng ’nete: Molimo ka boeena o ile a bululela bangoli ba Bibele hore ba sebelise lebitso la hae ka makhetlo a likete, ebile o laela batho bohle ba mo rapelang hore ba le sebelise. (Esaia 42:8; Joele 2:​32; Malakia 3:​16; Baroma 10:​13) Ha e le hantle, Molimo o ile a ahlola Baprofeta ba bohata ba neng ba leka ho etsa hore batho ba lebale lebitso la hae.​—Jeremia 23:27.

 Maikutlo a fosahetseng: Lebitso la Molimo le lokela ho tlosa ka Bibeleng joalokaha Bajuda ba ile ba etsa.

 Seo e leng ’nete: Ke ’nete hore bangoli ba bang ba Sejuda ba ne ba sa batle ho bitsa lebitso la Molimo. Leha ho le joalo, ha baa ka ba le tlosa Libibeleng tsa bona. Ntlha e ka sehloohong eo re lokelang ho e hopola ke hore, Molimo ha a batle hore re latele litloaelo tsa batho tse etsang hore re se ke ra mamela melao ea hae.​—Matheu 15:​1-3.

 Maikutlo a fosahetseng: Lebitso la Molimo ha lea lokela ho sebelisoa ka Bibeleng hobane ha ho tsebahale hantle hore na le bitsoa joang.

 Seo e leng ’nete: Lebaka lena le fetisa maikutlo a hore Molimo o lebelletse hore batho ba buang lipuo tse fapaneng ba bitse lebitso la hae ka tsela e tšoanang. Leha ho le joalo, Bibele ea bontša hore barapeli ba Molimo ba nakong e fetileng ba neng ba bua lipuo tse fapaneng, ba ne ba bitsa mabitso a batho ka litsela tse fapaneng.

 Ha re etse mohlala ka lebitso la moahloli oa Moiseraele, e leng Joshua. Ho ka etsahala hore Bakreste ba mehleng ea Baapostola ba neng ba bua Seheberu, ba ne ba bitsa lebitso la hae Yehoh·shuʹaʽ, ha ba neng ba bua Segerike bona ba ne ba le bitsa I·e·sousʹ. Bibele e sebelisitse phetolelo ea Segerike ea lebitso la Seheberu la Joshua, e leng ntho e bontšang hore Bakreste ba ne ba sebelisa mokhoa o neng o tloaelehile oa ho bitsa mabitso ka puo ea bona.​—Liketso 7:​45; Baheberu 4:8.

 Ho ka sebelisoa kutloisiso e tšoanang ha ho fetoleloa lebitso la Molimo. Ntho eo e bileng e leng ea bohlokoa haholo ke hore lebitso la Molimo le khutlisetsoe moo le lokelang ho ba teng ka Bibeleng eseng hakaalo ho re na le lokela ho bitsoa joang.

a Tyndale o sebelisitse lebitso “Iehouah” libukeng tse hlano tse qalang tsa Bibele eo a e fetoletseng. Ha nako e ntse e feta, puo ea Senyesemane e ile ea fetoha ’me le mokhoa oa ho ngola lebitso la Molimo o ile oa fetoha. Mohlala, ka 1612, Henry Ainsworth o ile a sebelisa lebitso “Iehovah” ha a fetolela buka ea Lipesaleme. Ka 1639 ha a ntlafatsa phetolelo eo ea hae, o ile a sebelisa lebitso “Jehovah.” Ka tsela e tšoanang, bafetoleli ba Bibele ea American Standard Version e hatisitsoeng ka 1901, ba ile ba sebelisa lebitso “Jehovah” hohle moo lebitso la Molimo le neng le hlaha teng ka Seheberu.

b New Catholic Encyclopedia, Khatiso ea Bobeli, Buka ea 14 leqepheng la 883-​884 e re: “Nakoana ka mor’a hore Bajuda ba khutle Botlamuoeng, batho ba ile ba qala ho nka lebitso Yahweh le ikhetha hoo ba neng ba tšaba ho le sebelisa, kahoo ba qala tloaelo ea ho ngola lentsoe ADONAI kapa ELOHIM sebakeng sa lebitso lena.”

c E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba sehlooho se reng The Divine Name in the Hebrew Scriptures,” sehlomathisong sa A4 Bibeleng e ncha ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang ea Senyesemane.

d Sheba Theological Lexicon of the Old Testament, Buka ea 14 leqepheng la 523-​524.